“Le be le Khotso le Batho Bohle”
1. Ke keletso efe ea Bibele eo re lokelang ho e sebelisa ha re kopana le mong’a ntlo ea halefileng?
1 Batho ba Jehova ba rata khotso le mosebetsi oa bona ke oa khotso. (Esa. 52:7) Leha ho le joalo, ka linako tse ling re kopana le batho ba halefang hobane re ba etetse. Ke eng e tla re thusa hore re be le khotso boemong bo joalo?—Bar. 12:18.
2. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re utloisise boemo?
2 Utloisisa Boemo: Le hoja batho ba bang ba halefa hobane ba hanyetsa ʼnete, ba bang ba ka ʼna ba teneha ka mabaka a sa amaneng le molaetsa oa rōna. Mohlomong re fihlile ka nako esele. Ho ka ʼna ha etsahala hore ebe mong’a ntlo o halefisitsoe ke mathata a hae. Le haeba a halefisitsoe ke litaba tse molemo, re lokela ho hopola hore mohlomong boitšoaro ba hae bo bakoa ke hore o thetsitsoe. (2 Bakor. 4:4) Ho utloisisa boemo ho tla re thusa hore re khobe matšoafo ʼme re hlokomele hore ha a halefele rōna.—Liprov. 19:11.
3. Re ka bontša joang hore re hlompha mong’a ntlo?
3 Bontša Tlhompho: Batho ba bangata bao re ba etelang, ba na le litumelo tseo ba li khomaretseng ka thata. (2 Bakor. 10:4) Ba na le tokelo ea ho khetha hore na ba tla mamela kapa che. Le ka mohla ha re batle ho nyenyefatsa tumelo ea mong’a ntlo kapa ho itlhahisa re le bo-tsebanyane. Haeba a re kōpa hore re tsamaee, re lokela ho tsamaea ka tlhompho.
4. Motho o bua ka mosa ha a etsa joang?
4 Bua ka Mosa: Le haeba re hlapaoloa, re lokela ho araba ka mosa le ka bonolo. (Bakol. 4:6; 1 Pet. 2:23) Ho e-na le ho pheha khang, leka ho fumana seo le lumellanang ka sona. Mohlomong ka mosa re ka botsa hore na ke hobane’ng ha mong’a ntlo a hanyetsa. Leha ho le joalo, ho qoba ho mo koatisa le ho feta, ka linako tse ling ho molemo ho emisa moqoqo.—Liprov. 9:7; 17:14.
5. Ho phehella khotso boboleling ho na le melemo efe?
5 Haeba re le batho ba phehellang khotso, ho ka etsahala hore mong’a ntlo a hopole boitšoaro ba rōna ʼme a mamele ha e mong a mo etela ho tla mo pakela nakong e tlang. (Bar. 12:20, 21) Le haeba ho bonahala a lomahantse meno khanyetsong ea hae, ka letsatsi le leng e ka ʼna ea e-ba mor’abo rōna. (Bagal. 1:13, 14) Ho sa tsotellehe hore na o tla ke a thahaselle ʼnete, re tla tlotlisa Jehova ʼme re khabise thuto ea rōna ha re bontša hore re na le boitšoaro le khotso kamehla.—2 Bakor. 6:3.