Ho Ntlafatsa Tsebo ea Rōna Boboleling—Ha re Buisana le Mong’a Ntlo ea Halefileng
Ke Hobane’ng ha ho le Bohlokoa?: Batho ba bangata bao re kopanang le bona tšimong ba na le tlhompho. Leha ho le joalo, Jesu o ile a bolela esale pele hore ba bang ba ne ba tla re hloea. (Joh. 17:14) Kahoo, ha rea lokela ho makala ha mong’a a re halefela. Ha seo se etsahala, re batla ho mo araba ka tsela e khahlisang Jehova. (Bar. 12:17-21; 1 Pet. 3:15) Ho etsa sena ho ka ’na ha etsa hore boemo bo se ke ba mpefala. Ho tla boela ho fane ka bopaki ho mong’a ntlo le ho batho ba boneng seo, e leng se ka ’nang sa etsa hore ba thabele ho mamela Lipaki Tsa Jehova nakong e tlang.—2 Bakor. 6:3.
Leka Sena Khoeling Ena:
Etsang lipontšo tsa sena borapeling ba lelapa.