Etsisa Kreste Tšebeletsong ea Hao
1 Jesu o re behetse mohlala oo re lokelang ho o latela tšebeletsong ea rōna. Liketsahalong tse ngata le ka litsela tse ngata, o ile a bontša hore o rata Molimo le batho ka ho tebileng. O ile a ruta ba bonolo ’nete ’me a etsetsa batho ba mahlomoleng le ba hateletsoeng liketso tse bontšang mosa o lerato.—Mat. 9:35.
2 Mohlala le Lithuto Tsa Jesu: Jesu ha aa ka a khelosoa ke ho itšunya-tšunya litabeng tsa lipolotiki kapa ho etsa mesebetsi feela tjee ea ho ntlafatsa maemo a sechaba. Ebile ha aa ka a lumella lintho tse hahamalloang ka morero o motle ho mo sitisa kapa ho kena-kenana le mosebetsi oa hae o ka sehloohong. (Luka 8:1) O ile a tsepamisa mohopolo ho boleleng litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo oo e leng oona feela o tla rarolla mathata a moloko oa batho ka ho sa feleng. Jesu o ne a e-na le mosebetsi oa bohlokoa haholo ’me a e-na le nako e khutšoanyane ea ho o etsa. Ha batho ba Kapernauma ba ne ba batla hore Jesu a lule moo, o ile a re ho barutuoa ba hae: “A re eeng sebakeng se seng sesele, . . . e le hore nka bolela le moo, kaha ke tsoile ka morero ona.”—Mar. 1:38.
3 Ka mor’a ho koetlisa barutuoa ba hae, Jesu o ile a ba roma ’me a ba fa litaelo tsena tse tobileng: “Le bolele, le re, ‘’Muso oa maholimo o atametse.’” (Mat. 10:7) O ile a ruta balateli ba hae hore mesebetsi ea ’Muso e lokela ho tla pele bophelong ba bona. (Mat. 6:33) Mantsoe ao Jesu a ileng a a bua ha a arohana le balateli ba hae pele a nyolohela leholimong a ile a hlakisa seo ba neng ba lokela ho se etsa. O ile a re: “Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa.”—Mat. 28:19.
4 Bohlokoa ba ’Muso: ’Muso oa Molimo e ne e le sehlooho sa molaetsa oa Jesu, ’me o ile a khothalletsa barutuoa ba hae hore ba latele mohlala oa hae. Boiteko ba batho ba ho rarolla mathata a moloko oa batho bo ke ke ba atleha. (Jer. 10:23) Ke ’Muso oa Molimo feela o tla halaletsa lebitso la Molimo le ho rarolla mathata a moloko oa batho ka ho sa feleng. (Mat. 6:9, 10) Ho ruta linnete tsa ’Muso bathong ba “feheloang le ba bobolang ka lebaka la lintho tsohle tse manyala tse ntseng li etsoa,” ho ba thusa ho phela bophelo bo thabileng le bo atlehileng hona joale ebile ho etsa hore ba tšoarelle ka tieo tšepong e tiileng ea bokamoso.—Ezek. 9:4.
5 Jesu o sa ntse a kenella ka sehlahlo mosebetsing oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo, ebile o re kholisa hore o tla re tšehetsa. (Mat. 28:20) Tšebeletsong ea rōna, re latela mohlala oo Jesu a re behetseng oona ho ea bohōleng bofe? (1 Pet. 2:21) Matsatsing ana a bohlokoa, e se eka re ka etsa sohle se matleng a rōna ho latela haufi-ufi mohlala oo Jesu a o behileng tšebeletsong!