Ho Rapela Jehova le le Lelapa
1 Mehleng ea ha ho sa ngoloa Bibele, lelapa le ne le etsa lintho tse ngata hammoho. Le ne le etsa mesebetsi ea letsatsi le letsatsi ’me habohlokoa ka ho fetisisa, le ne le rapela Jehova hammoho. (Lev. 10:12-14; Deut. 31:12) Libakeng tse ngata kajeno, lelapa ha le sa etsa lintho tse ngata hammoho. Leha ho le joalo, Bakreste baa hlokomela hore ke habohlokoa ho etsa lintho e le lelapa, haholo-holo tse amang borapeli. Ha ho pelaelo hore Moqapi oa malapa oa thaba ha a bona malapa a mo rapela a momahane!
2 Bolelang Hammoho: Ho bolela litaba tse molemo hammoho ho momahanya malapa. Kahoo, ntle le ho sebetsa le bahoeletsi ba bang tšimong, moholo o tla boela a sebetse khafetsa le mosali oa hae le bana ba hae. (1 Tim. 3:4, 5) Esita le hoja balebeli ba potoloho ba le maphathaphathe, le bona ba ipha nako ea ho sebetsa le basali ba bona tšimong.
3 Batsoali ba sebetsang le bana ba bona ba khona ho ba thusa hore e be baboleli ba evangeli ba hatelang pele. Bana ha ba na ho bona feela hore batsoali ba bona ba thabile ebile ba khotsofetse tšebeletsong, empa hape ba tla bona ha batsoali ba bona ba bontša hore ba rata Jehova le batho ba bang. (Deut. 6:5-7) Ha bana ba hōla, seo hase bolele hore ha ho sa hlokahala hore batsoali ba tsamaee le bona tšimong. Banyalani ba bang ba nang le bara ba bararo ba lipakeng tsa lilemo tse 15 le 21 ba sa ntse ba tsamaea le bona tšimong kamehla. Ntate o ile a re: “Ka nako e ’ngoe le e ’ngoe ho na le seo re ba rutang sona. Re etsa bonnete ba hore ho tsamaea le bona e ba ketsahalo e monate le e khothatsang.”
4 Lokisetsang Hammoho: Malapa a fumane hore ho molemo ho lokisetsa tšebeletso hammoho. Hangata bana baa thaba ha lelapa le lokisetsa hammoho ka hore litho tsa lelapa li fapanyetsane, e mong a fane ka nehelano ha e mong e le mong’a ntlo. Malapa a mang a nka metsotso e seng mekae ka mor’a thuto ea lelapa a ikoetlisa ka tsela ena.
5 Thabo ea rōna ea hōla ha re etsa mesebetsi ea bohlokoa le e khotsofatsang le baratuoa ba rōna. Ho thabisa hakaakang ha litho tsa lelapa li sebetsa hammoho tšimong ka ntlo le ntlo, maetong a ho boela le ho khanneng lithuto tsa Bibele! Ha u ntse u rapela Jehova ka tsela ena le lelapa la hao, ka thabo u ka re: “Ha e le ’na le ba ntlo ea ka, re tla sebeletsa Jehova.”—Josh. 24:15.