Fanang ka Tšepo ho Mafutsana
1 Jesu o ne a thahasella mafutsana ka tsela e khethehileng. Ka linako tse ling o ne a fepa batho ka mohlolo a bile a phekola ba kulang, empa mosebetsi oa hae o ka sehloohong e ne e le ho bolella mafutsana “litaba tse molemo.” (Mat. 11:5) Kajeno tšebeletso ea Bokreste e tsoela pele ho ruisa mafutsana le batho ba bang molemo.—Mat. 24:14; 28:19, 20.
2 Tšepo ea Sebele: Hangata baruti ba Bokreste-’mōtoana ba tšepisa mafutsana hore a tla ema hantle licheleteng haeba a fana haholo kerekeng. Empa Bibele e ruta hore ke ’Muso oa Molimo feela o tla felisa bofutsana le ho rarolla mathata ’ohle a batho. (Pes. 9:18; 145:16; Esa. 65:21-23) Ka ho bontša mafutsana seo Bibele ehlileng e se rutang, re a fa tšepo ebile re a thusa ho tseba Molimo le ho mo rapela.—Mat. 5:3.
3 Bafarisi ba mehleng ea Jesu ba ne ba khesa mafutsana, ka tsela e eisang ba a bitsa ‛am-ha·’aʹrets, kapa “batho ba naha.” Leha ho le joalo, Jesu eena o ile a nka “mali a bona,” kapa bophelo ba bona, e le ba “bohlokoa.” (Pes. 72:13, 14) Re ka etsisa Jesu ’me re ‘bontše mohau’ ho mafutsana ka ho ba mosa ho ’ona le ka ho a utloela bohloko. (Liprov. 14:31) Ha rea lokela ho bua hampe ka batho ba lulang libakeng tse futsanehileng kapa ho tsoafa ho ba pakela. Batho ba bangata ba mamelang molaetsa oa ’Muso ke batho ba itšokolang.
4 Thusang Mafutsana Hona Joale: Ha re ruta batho ba futsanehileng bao re ba fumanang tšimong melao-motheo ea Bibele re boetse re ba thusa ho imoloha mathateng a bakoang ke bofutsana hona joale. Ka mohlala, Bibele e nyatsa botahoa, ho becha, botsoa, ho tsuba koae le mekhoa e meng e bakang bofutsana. (Liprov. 6:10, 11; 23:21; 2 Bakor. 7:1; Baef. 5:5) Mangolo a khothalletsa botšepehi le ho sebetsa ka “moea oohle,” e leng litšobotsi tseo ho lebeletsoeng hore bahiruoa ba be le tsona. (Bakol. 3:22, 23; Baheb. 13:18) Ha e le hantle, phuputsong e ’ngoe bahiri ba bangata ba boletse hore botšepehi le bokhabane ke tsona litšobotsi tse ba khahlang haholo ha ba nahana ka batho bao ba ka ba hirang.
5 Jehova ha a iphapanyetse mahlomola a mafutsana. Haufinyane Jesu Kreste o tla lopolla “ea futsanehileng ea hoeletsang ho kōpa thuso.” (Pes. 72:12) Pele nako eo e fihla, re na le tokelo ea ho tšelisa ba bang, ho akarelletsa mafutsana, ka molaetsa oa Bibele o fanang ka tšepo.