Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/07 leq. 8
  • Khothatsang ba Robehileng Lipelo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Khothatsang ba Robehileng Lipelo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tšelisa ba Mesarelong
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Molimo o re Tšelisa Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
  • “Tšelisa Bohle ba Siameng”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Matšeliso le Khothatso—Mahakoe a Nang le Litšobotsi Tse Ngata
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
km 12/07 leq. 8

Khothatsang ba Robehileng Lipelo

1 Paleng eohle ea batho ha ho mohla batho ba kileng ba ho hloka ho khothatsoa ho feta hona joale. E le ha re latela mohlala oa Morena oa rōna, Kreste Jesu, le rōna re ‘tlamisa ba robehileng lipelo.’—Esa. 61:1.

2 Mokhoa oo re ka Khothatsang ka Oona: E le hore re khothatse batho, tšebeletsong ea rōna re lokela ho bua ka lintho tse loketseng le tse khothatsang. Ha re sa bue haholo ka lintho tse mpe tse etsahalang lefatšeng le ka lithuto tsa bohata, ’nete ea Mangolo le molaetsa o fanang ka tšepo o buang ka litšepiso tsa Molimo tse khothatsang e tla ba tsona tse ka sehloohong ha re bua le batho. Sena hase bolele hore ha rea lokela ho bua ka Armagedone. Mosebetsi oa rōna ke ho phatlalatsa “selemo sa Jehova sa kamohelo le letsatsi la phetetso la Molimo oa rōna,” le ho ‘lemosa ea khopo tseleng ea hae e khopo.’ Leha ho le joalo, ho lemosa ka Armagedone le ho hlalosa tšenyo eo e tla e tlisa ha hoa lokela ho buelloa ho feta sehlooho sa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo.—Esa. 61:2; Ezek. 3:18; Mat. 24:14.

3 Ka Ntlo le Ntlo: Ho tloaelehile ho fumana batho ba sithabetseng ka lebaka la ho kula, ho shoeloa ke motho eo ba mo ratang, ho hloka leeme, kapa mathata a moruo. Kaha re etsisa Kreste, re “hauhela” batho bao re kopanang le bona tšebeletsong ebile re ba utloela bohloko. (Luka 7:13; Bar. 12:15) Le hoja re balla motho lengolo le le leng kapa a mabeli, re lokela ho ‘potlakela ho utloa,’ e le hore re fe motho monyetla oa hore a ntše maikutlo a hae. (Jak. 1:19) Ka mor’a hore re mo mamele, ke hona re ka fanang ka khothatso.

4 Ha monyetla o hlaha nakong eo re ntseng re buisana, re ka ’na ra re, “Ke lakatsa ho buisana le uena ka molaetsa o khothatsang o tsoang Bibeleng.” Re lokela ho ba hlokolosi hore re se ke ra hanyetsa maikutlo a mang le a mang a fosahetseng ao motho a ka ’nang a a bua. Ho e-na le hoo, sepheo sa rōna e lokela hore e be ho khothatsa le ho tšelisa ka Mangolo e le hore re tiise motho moko. Mabapi le taba ena, u ka ’na ua sheba buka ea Ho Bea Mabaka ka Mangolo leqepheng la 201-204 sehloohong se reng “Khothatso.” Kapa u ka ’na ua fa mong’a ntlo pampitšana e nang le sehlooho se reng Matšeliso ho ba Tepelletseng Maikutlo ebe le buisana ka taba e khothatsang e fumanoang ho eona.

5 Batla Menyetla ea ho Khothatsa ba Bang: Na ho na le setho sa lelapa la hao, moahelani oa hao, motho eo u sebetsang le eena, kapa motho eo u kenang sekolo le eena, ba hlokang khothatso? Ke hobane’ng ha u sa etse boiteko ba hore u etele batho ba joalo malapeng a bona ka sepheo sa ho ba khothatsa ka Mangolo? Ha u tseba hore na ke hobane’ng ha ba hloka khothatso, u ka itokisetsa boemo boo. Mabapi le sena, ba bang ba ile ba ngola mangolo kapa ba letsa mohala. Haeba re hlile re rata baahelani ba rōna re tla susumelletseha ho ba utloela bohloko le ho ba khothatsa ka Mangolo.—Luka 10:25-37.

6 Ha e le hantle, mosebetsi oa rōna ke ho tšelisa ba llang, ho hlasimolla ba nyahameng le ho ba thusa ho ba le tšepo ea bokamoso bo botle. Lefatšeng ka bophara batho ba hloka matšeliso a mofuta ona. Ha re bua re thabile ka lintho tse ngata tse molemo tseo Molimo a li tšepisitseng re tla tšelisa batho ba lipelo li ntle re be re ba thuse ho ba le tšepo. E se eka kamehla re ka hopola hore hoa hlokahala hore re tlamise ba robehileng lipelo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela