Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 9/08 leq. 4
  • Ruta ba Bang ho Rata Jehova

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ruta ba Bang ho Rata Jehova
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Rata Molimo ea U Ratang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • “U Rate Jehova Molimo oa Hao”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Etsisa Jesu—Ruta ka Lerato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Lerato la Lona le se ke la Fokotseha
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
km 9/08 leq. 4

Ruta ba Bang ho Rata Jehova

1. Ke’ng e hulelang batho ba bang ho Jehova?

1 Na u sa hopola ha u qala ho utloa ka Jehova? Ke eng e ileng ea u hulela ho eena? Batho ba bangata ba pelo li ntle ba tla u bolella hore se ileng sa ba hulela ho ’Mōpi oa rōna ke ho tseba litšobotsi tsa hae tse ikhethang, haholo-holo qenehelo ea hae le lerato.—1 Joh. 4:8.

2, 3. Re ka sebelisa buka ea Seo Bibele e se Rutang joang ho thusa liithuti tsa Bibele hore li rate Jehova haholoanyane?

2 “Enoa ke Molimo oa Rōna”: Buka ea Seo Bibele e se Rutang e hatisa lerato la Jehova le hore re lokela ho ba le kamano le eena. Re ka sebelisa buka ee joang bakeng sa ho ruta ba bang hore ba rate Molimo haholoanyane? Ha re tšohla ntlha e ncha, re ka botsa lipotso tse fatang maikutlo tse kang tsena: “Ntlha ee e re ruta eng ka Jehova?” kapa “Ke ka tsela efe ntlha ee e re rutang hore Jehova ke Ntate ea molemohali?” Ho ruta ka tsela ena ho ka thusa seithuti hore se qale ho ba le kamano le Jehova e tla tsoela pele bophelong bohle ba sona.

3 Ha re thusa liithuti tsa Bibele hore li utloisise hore ke habohlokoa hakae ho ithuta ka Molimo a le mong feela ea phelang le oa ’nete, li tla lumellana le mantsoe a Esaia a reng, “Enoa ke Molimo oa rōna.” (Esa. 25:9) Ha re hlalosa Lentsoe la Molimo, re lokela ho hatisa kamoo moloko oa batho o tla hlohonolofatsoa kateng ha merero ea Jehova e phethahatsoa ka ’muso oa hae ka Kreste Jesu.—Esa. 9:6, 7.

4, 5. Ho rata Jehova ho bolela’ng?

4 Bopaki ba Hore re Rata Jehova: Rea tseba hore ho rata Jehova ka pelo eohle, moea le kelello ho akarelletsa se fetang feela ho ba le boikutlo bo matla ka Molimo. Re lokela ho etsa kahohle hore re tsoele pele ho nahana joaloka eena. (Pes. 97:10) Re ka bontša hore re rata Molimo ka ho mamela litaelo tsohle tsa hae le ho tsoela pele re etsa ‘liketso tse halalelang tsa boitšoaro le liketso tsa boinehelo ba bomolimo,’ le har’a liteko kapa khanyetso.—2 Pet. 3:11; 2 Joh. 6.

5 Ho etsa thato ea Molimo ka lebaka la ho mo rata hoa thabisa. (Pes. 40:8) Seithuti sa Bibele se lokela ho utloisisa hore litaelo tsohle tsa Molimo li entsoe bakeng sa ho tsoela bahlanka ba Hae molemo ka ho sa feleng. (Deut. 10:12, 13) Ha motho a phela tumellanong le tataiso ea Jehova, o bontša hore o ananela mesebetsi eohle ea Hae e hlollang. Thusa seithuti hore se utloisise hore ho tsamaea litseleng tse lokileng tsa Jehova ho tla se phemisa lintho tse ngata tse bakang bohloko le masoabi.

6. Motho a ka fumana mahlohonolo afe ka ho rata Jehova?

6 Mahlohonolo a ba Ratang Molimo: Jehova o amehile haholo ka ba mo ratang ba ikokobetsang, ’me o ba senolela “lintho tse tebileng tsa Molimo.” (1 Bakor. 2:9, 10) Kaha ba tseba merero ea Jehova, ba tseba hantle se tla etsahala nakong e tlang ’me ba na le tšepo e tiileng. (Jer. 29:11) Ba ratang Jehova ba fumana mosa oa hae o ikhethang. (Ex. 20:6) Ba ananela tšepo ea bophelo bo sa feleng ka lebaka la lerato le leholo leo Molimo a ba ratang ka lona.—Joh. 3:16.

7. U ikutloa joang ka ho ruta ba bang ho rata Jehova?

7 Ha tsebo ea rōna ka Ntate oa rōna oa leholimo e ntse e eketseha, re ba le boikarabelo bo eketsehileng ba ho e fetisetsa ho ba bang. (Mat. 13:52) Re na le tlotla e kaakang ea ho ruta ba bang ho rata Jehova, haholo-holo bana ba rōna! (Deut. 6:5-7) E se eka rōna le liithuti tsa rōna tsa Bibele re ka rorisa Jehova re sa khaotse ha re ntse re rua ‘molemo oa hae o mongata.’—Pes. 145:7.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela