Thuto ea Botho le ea Lelapa ke ea Bohlokoa!
1. Sehlopha se busang se ikemiselitse ho re etsetsa eng mehleng ee, hona hobane’ng?
1 Joaloka lekholong la pele la lilemo, Sehlopha se Busang se batla ho etsa sohle se matleng a sona ho hlokomela batho ba Jehova. (Lik. 15:6, 28) Ha matšoenyeho a maholo a ntse a atamela, ke habohlokoa hore mohoeletsi e mong le e mong oa ’Muso a be le kamano e matla le Jehova. U tla sebelisa nako eo pele e neng e le ea seboka sa Thuto ea Buka ea Phutheho joang? Bohle re khothalletsoa ho sebelisa nako ena thutong ea lelapa. Ho sebelisa nako ena ka bohlale ho tla re fa monyetla oa hore re ithute ka hloko Lentsoe la Molimo le bululetsoeng ’me re rue molemo lithutong tsa lona.—Pes. 1:1-3; Bar. 11:33, 34.
2. Re ka hlophisa mantsiboea a thuto ea lelapa joang?
2 Mantsiboea a Thuto ea Lelapa: Re khothalletsa lihlooho tsa malapa hore li phethe boikarabelo boo li bo filoeng ke Jehova ka hore li etse bonnete ba hore ho ba le thuto ea Bibele e tsoelang lelapa molemo le e tšoaroang kamehla. (Deut. 6:6, 7) Bara le barali babo rōna ba masoha ba se nang boikarabelo ba lelapa ba tla khona ho sebelisa nako ena ho etsa thuto ea botho ea Bibele le lipatlisiso. Ke habohlokoa hore bohle re “ithekele nako e loketseng” ea ho ithuta le ho thuisa e le hore re ka lula re le matla moeeng ‘matsatsing ana a khopo.’—Baef. 5:15, 16.
3, 4. Ho khothalletsoa hore re ithute eng, hona e le ka sepheo sefe?
3 Se ka Ithutoang: Watch Tower Publications Index kapa Watchtower Library e ho CD-ROM e ka u thusa hore u fumane lintlha tse tla etsa hore lelapa la hao le thabele thuto ea Bibele ea lelapa. Malapa a ka bala lihlooho tse tsoang Molula-Qhooeng, tse kang tse atisang ho hlaha, e leng “Se Tlisang Thabo ka Lapeng,” “Ruta Bana ba Hao,” le “Tsa Bacha ba Rōna.” Hape, Tsoha! e na le lihlooho tsa “Bacha Baa Botsa” le lihlooho tse thahasellisang tse tšohlang pōpo.
4 Ho bala Bibele hammoho le sa potlaka ho ka thusa bohle ka lapeng hore ba hopole melao-motheo ea Molimo ba be ba e sebelise bophelong ba bona. (Baheb. 4:12) Ka linako tse ling, le ka shebella la ba la buisana ka e ’ngoe ea livideo tsa mokhatlo. U ka etsa lintho tse ngata ho atlehisa thuto ena. Ke hobane’ng ha u sa botse lelapa la hao hore na le ka thabela eng?
5. Ke hobane’ng ha thuto ea botho le ea lelapa e le ea bohlokoa hakaale hona joale?
5 Lebaka leo e Leng ea Bohlokoa Hona Joale: Ho imatlafatsa moeeng ho tla re hlomella hore re ‘eme re tiile ’me re bone poloko ea Jehova.’ (Ex. 14:13) Batsoali ba hloka tataiso ea Molimo ha ba hōlisa bana “har’a moloko o khopameng le o sothehileng.” (Bafil. 2:15) Ho hlokahala hore bana ba thusoe hore ba tobane ka katleho le boitšoaro bo ntseng bo hlepha likolong kajeno. (Liprov. 22:3, 6) Banyalani ba lokela ho matlafatsa lenyalo la bona hore e be “thapo e meloho e meraro” ka ho kenya Jehova. (Moek. 4:12) Joale, a re sebeliseng hamolemo nako e setseng ka hore re ikahe ‘tumelong ea rōna e halalelang ka ho fetisisa’!—Juda 20.