Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/08 leq. 8
  • Tsela ea ho Buella Limakasine

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsela ea ho Buella Limakasine
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
km 12/08 leq. 8

Tsela ea ho Buella Limakasine

Molula-Qhooa Dec. 1

“Na u kile ua bona hore batho ha ba tšoane tabeng ea bohloeki? [Emela karabo.] Hlokomela hore na ke hobane’ng ha bohloeki e le ba bohlokoa. [Bala 1 Petrose 1:16.] Sehlooho sena se fana ka keletso e molemo tabeng ea ho boloka bohloeki.” Buella sehlooho se hlahang leqepheng la 9.

Tsoha! Dec.

“Nakong ena ea selemo ba bangata ba leka ho tlotla Jesu. Ho latela temana ee, u ka re tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho mo tlotla ke efe? [Bala Johanne 14:15. Emela karabo.] Ha ho tsejoe hantle hore na Jesu o hlahile ka letsatsi lefe, ’me u ka ’na ua makala hore na ke hobane’ng ha la 25 December le ile la khethoa hore e be letsatsi la Keresemese.” Buella sehlooho se hlahang leqepheng la 10.

Molula-Qhooa Jan. 1

“Lefatšeng lohle batho ba na le maikutlo a sa tšoaneng ka Maria, ’mè oa Jesu. Uena u re’ng? [Emela karabo.] Bibele e bontša hore Maria o phethile karolo e khethehileng historing. [Bala Luka 1:30-32.] Makasine ena e tšohla seo re ka ithutang sona mohlaleng oa hae.”

Tsoha! Jan.

“Matša le linōka tse ngata lia psha lefatšeng ka bophara, ’me batho ba limilione ha ba na metsi a hloekileng a nooang. U bona eka motho a ka khona ho rarolla bothata boo ka ho sa feleng? [Emela karabo. Ebe u bala Jeremia 10:23.] Makasine ena e tšohla tharollo ea ka ho sa feleng e boletsoeng ka Bibeleng.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela