Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 9/09 leq. 2
  • Sebelisa Bibele ka Bohlale

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sebelisa Bibele ka Bohlale
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ruta ka Phihlelo le ka Cheseho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Sebelisa Lentsoe la ’nete ho Latela Tsebo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
  • U ka Etsa’ng Hore u Hopole Mangolo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Karolo ea 3: Ho Sebelisa Mangolo Hamolemo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
km 9/09 leq. 2

Sebelisa Bibele ka Bohlale

1. Ke hobane’ng ha Bibele e le molemo hakaale?

1 Ho sebelisa ka bohlale Lentsoe la Molimo le bululetsoeng ho re thusa ho bolela ’nete le ho e ruta ka ho hlaka le ho senola lithuto tsa bohata le lineano tsa batho.—2 Tim. 2:15; 1 Pet. 3:15.

2. Ke’ng e tla re thusa hore re khone ho fumana mangolo habonolo?

2 Ntlafatsa Tsebo ea Hao ea Bibele: Motho o khona ho sebelisa thulusi e itseng hantle hobane a tloaetse ho e sebelisa. Ho bala Bibele eohle ho u thusa ho tseba sehlooho sa eona. Ho boetse ho u thusa ho hopola mangolo le ho a fumana habonolo. Ha tsebo ea hao ea Mangolo e ntse e eketseha, seo se tla u thusa hore u be le kholiseho le cheseho e eketsehileng ha u bolela litaba tse molemo ka tsela e sa reroang le tšebeletsong ea tšimo.—1 Bathes. 1:5.

3, 4. (a) Litsela tse ling tse ka re thusang ho tseba Bibele hamolemo ke life? (b) Na ho na le litsela tse ling tse u thusitseng ho tseba Mangolo hamolemo?

3 Itloaetse ho phetla Bibele le ho e bala le sebui libokeng tsa phutheho. Ha u ithuta boinotšing le ha u lokisetsa liboka, phetla Mangolo a sa qotsoang ’me u nahanisise hore na a ka sebelisoa joang. Batho ba bangata ba hlokometse hore ho bala litemana Bibeleng ho e-na le ho li bala pampiring kapa k’homphieutheng ho etsa hore ha ba le tšimong ba khone ho li fumana habonolo.—Joh. 14:26.

4 Malapa a mang a lokiselitse hore ho be le nako ea ho itloaetsa ho tšoara litemana tsa Bibele ka hlooho. Ba etsa sena ka ho ngola temana ka lehlakoreng le leng la karete kapa pampiri le ho ngola mantsoe a eona ka ho le leng. Ba chenchana ka likarete tsena e le ho bona hore na ba ka pheta mantsoe a temana eo ka hlooho kapa ba hopola hore na mantsoe ao a hlaha temaneng efe. Tsela e ’ngoe ea ho ntlafatsa tsebo ea rōna ke ho ikoetlisetsa kamoo re tla bua le batho kateng tšimong re sebelisa Bibele le kamoo re tla araba batho ba re hanyetsang kapa ba botsang lipotso.

5. Ke hobane’ng ha re lokela ho eketsa tsebo ea rōna ea Bibele?

5 Ha ho buka e tšoanang le Bibele. Ke eona feela e nang le litaba tse khonang ho ‘hlalefisetsa motho poloko.’ (2 Tim. 3:15) Kaha batho ba bangata tšimong ea rōna ha ba e-s’o fumane matlotlo a bohlokoa a ka Bibeleng, re na le lebaka le utloahalang la hore re eketse tsebo ea rōna ea ho ba bolella seo Bibele e hlileng e se rutang.—Liprov. 2:1-5.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela