Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/10 leq. 2
  • Sehlooho se Secha sa ho Qala Lithuto Tsa Bibele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sehlooho se Secha sa ho Qala Lithuto Tsa Bibele
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2010
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na U e Sebelisa ka Botlalo?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
  • Letoto le Lecha la Lihlooho le Tla Hlaha Molula-Qhoeng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
  • Lihlooho Tse re Thusang Tšebeletsong ea Rōna
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
  • Kamoo re ka Qalang Lithuto Tsa Bibele Moo re Siileng Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2010
km 12/10 leq. 2

Sehlooho se Secha sa ho Qala Lithuto Tsa Bibele

1. Makasineng oa batho ka kakaretso oa Molula-Qhooa, ho tla hlaha sehlooho sefe se secha, hona se etselitsoe’ng?

1 Ho tloha khoeling e tlang, ho tla ba le sehlooho se secha makasineng oa batho ka kakaretso oa Molula-Qhooa se tla re thusa ho qala lithuto tsa Bibele. Sehlooho sena se re, “Ithute Lentsoe la Molimo.” Le hoja ho se pelaelo hore batho ba bang tšimong ba tla thabela ho ipalla sona, ha e le hantle se etselitsoe hore re se tšohle le beng ba matlo.

2. Sehlooho see se hlophisitsoe ka tsela efe?

2 Kamoo se Hlophisitsoeng Kateng: Sehlooho sena le lihloohoana tsa sona ke lipotso tseo bahoeletsi ba lokelang ho li botsa beng ba matlo nakong ea puisano. Ho bontšoa mangolo a sehlooho empa ha a qotsoe e le hore mong’a ntlo a ka thabela ho ithuta lintlha ka ho toba Lentsoeng la Molimo. Lirapa tsa sona li khutšoanyane e le hore li ka tšohloa ka ho toba mohoeletsi a ntse a le monyako. Sehlooho ka seng se buella buka ea Seo Bibele e se Rutang e le hore ha ho khoneha, re ka khanna thuto ka buka eo.

3. Ha re sebetsa ka ntlo le ntlo, re ka qala thuto ea Bibele joang ka sehlooho see re ntse re le monyako?

3 Tsela ea ho se Sebelisa: Ha u fana ka limakasine u ka botsa potso e hlaheletseng e thahasellisang e tšohloang sehloohong sena. Ka mohlala, makasine ea January 1 e tšohla hore na Bibele ke ea bohlokoa hakae. Mohlomong u ka botsa mong’a ntlo potso e reng: “Na u nka Bibele e le Lentsoe la Molimo kapa e le buka feela e molemo? [Emela karabo.] Ke kōpa ho u bontša ntlha e thahasellisang mabapi le taba ena.” Mo bontše potso ea pele, bala serapa sa eona u be u bale le lengolo le bontšitsoeng. Bala potso hape, ebe u emela karabo ea hae. Tšohla lintlha tse ngata kahohle kamoo u ka khonang u sebelisa lipotso tse fanoeng. Pele u tsamaea, mo bontše potso e latelang ebe u etsa litlhophiso tse tobileng tsa ho khutlela ho eena e le hore le buisane ka eona. Khutlela ho eena e le hore le tšohle boitsebiso bo eketsehileng ba sehlooho seo beke le beke ho fihlela u mo tlisetsa makasine e latelang. Tsela e ’ngoe ke ho kōpa mong’a ntlo ka ho toba hore u ithute Bibele le eena. Ebe u sebelisa sehlooho seo sa makasine ho mo bontša hore na thuto e khannoa joang.

4. Re ka sebelisa sehlooho see joang ha re etsa maeto a ho boela?

4 U ka boela ua sebelisa sehlooho sena se secha hamolemo ho batho bao u ba tsamaisetsang limakasine kamehla le lipoelo tse ling tsa hao. U ka ’na ua re: “Ho na le sehlooho se secha sa Molula-Qhooa. E-re ke u bontše hore na re ithuta sona joang.” Thapelo ea rōna ke hore e se eka sehlooho sena se secha se ka thusa batho ba bangata hore “ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.”—1 Tim. 2:4.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela