Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/13 leq. 3
  • Lihlooho Tse re Thusang Tšebeletsong ea Rōna

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lihlooho Tse re Thusang Tšebeletsong ea Rōna
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sehlooho se Secha sa ho Qala Lithuto Tsa Bibele
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2010
  • Na U e Sebelisa ka Botlalo?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
  • Jesu Bophelo le Tšebeletso tsa Hae
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Letoto le Lecha la Lihlooho le Tla Hlaha Molula-Qhoeng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
km 11/13 leq. 3

Lihlooho Tse re Thusang Tšebeletsong ea Rōna

1. Merero e ’meli ea sehlooho se reng “Moqoqo le Moahelani” ke efe?

1 Nako le nako Molula-Qhooa oa batho bohle o ba le lihlooho tse reng “Moqoqo le Moahelani.” Sehlooho sena se na le merero e ’meli—ho ruta lithuto tsa Bibele ka tsela e ipiletsang le ho re bontša hore na re ka behelana mabaka le batho joang ka bohlale litabeng tse itseng. (1 Pet. 3:15) Re ka sebelisa lihlooho tsee hamolemo joang?

2. Re ka sebelisa lihlooho tsee joang tšebeletsong ea tšimo?

2 Li Sebelise Tšebeletsong ea Tšimo: U ka ’na ua ipolokela limakasine tse ’maloa tsa Molula-Qhooa o nang le sehlooho sena. Ha mong’a ntlo, motho ea thahasellang kapa thuto ea Bibele a u botsa kapa a phahamisa khanyetso e kileng ea tšohloa ho se seng sa lihlooho tsena, mo nehe makasine e tšohlang taba eo ’me u kōpe hore le buisane ka eona. Haeba ha u na eona, mohlomong u ka e kopitsa ho jw.org.

3. Re ka ’na ra etsa joang ha re buisana le motho ka sehlooho see?

3 U ka buisana joang le motho ka se seng sa lihlooho tsee? Ba bang ba ile ba kōpa motho eo ba buang le eena hore a bale moo ho buang moahelani ebe bona ba bala moo ho buang Paki. Ho buisana le batho ka tsela ena hoa atleha hobane ho etsa hore motho a hlahlobe litumelo tsa rōna a phutholohile.—Deut. 32:2.

4. Re ka sebelisa lihlooho tsee joang ha re ikoetlisa?

4 Ikoetlise ’me U Koetlise le ba Bang: Ha u ntse u bala lihlooho tsena, hlokomela hore na ho sebelisitsoe mangolo le lipapiso life le hore na ho sebelisitsoe tsela efe ea ho beha mabaka. Ela hloko hore na boitsebiso boo bo fetisa boikutlo bofe. Leka ho li sebelisa tšebeletsong ea hao. (Liprov. 1:5; 9:9) Morali’abo rōna e mong o ile a re, “Ho bala lihlooho tsena ho tšoana le ho ithuta mohlaleng oa pula-maliboho ea nang le tsebo—eo kamehla a tsebang hantle hore na o lokela ho bua eng!”

5. Re ka thusa lithuto tsa rōna tsa Bibele joang hore li itokisetse ho ea tšimong?

5 U ka boela ua sebelisa lihlooho tsena ho thusa thuto ea hao ea Bibele hore e itokisetse ho ea tšimong. Bala boitsebiso boo le eena, a bale karolo ea mohoeletsi. Ka tsela ena, lithuto tsa Bibele li ka itlhakisetsa hore li be bohlale ha li bolella ba bang seo li se lumelang. (Bakol. 4:6) Ruri lihlooho tsena ke tsela e ’ngoe eo Jehova a re thusang ka eona hore ‘re phethe bosebeletsi ba rōna ka botlalo.’—2 Tim. 4:5.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela