Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/11 leq. 1
  • Re Tla Fana ka Bopaki bo Matla

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re Tla Fana ka Bopaki bo Matla
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ba Amoheleng!
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
  • Ke Joang re ka Thusang ba Bileng Teng Sehopotsong?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
  • Amohela Baeti ka Mofuthu
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2016
  • Etsang Hore ba Ikutloe ba Amohelehile Sehopotsong
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
km 4/11 leq. 1

Re Tla Fana ka Bopaki bo Matla

1. Ntle ho puo, ke eng hape e ka ’nang ea khahla baeti ba tlileng Sehopotsong? Hlalosa.

1 Neng? Bosiung ba Sehopotso. Re entse matsapa ’ohle a ho mema batho hore ba tl’o ba le rōna Sehopotsong. Batho ba re etetseng ba ka ’na ba khahloa ke lintho tse ling eseng feela seo ba se utloang. Ka mor’a hore mosali e mong a be teng Sehopotsong o ile a bua ka ho toba ka lintho tseo a li boneng. O ile a re batho bohle ba ne ba e-na le botsoalle a ba a re o bone mohaho o motle o hahiloeng le ho hlokomeloa ke baithaopi. Kahoo, rōna kaofela, eseng feela sebui, re fana ka bopaki ketsahalong ena ea bohlokoa ka ho fetisisa selemong.—Baef. 4:16.

2. E mong le e mong oa rōna a ka pakela baeti joang?

2 Lumelisa Baeti ka Thabo: Re tla fana ka bopaki bo botle haeba lifahleho tsa rōna li khanya khotso re bile re lumelisa baeti ka thabo. (Joh. 13:35) Esita le haeba u sa khone ho bua le motho e mong le e mong, u sa ntse u ka itsebisa batho ba pel’a hao u thabile. (Baheb. 13:1, 2) Thalatsa mahlo e le hore u bone hore na ho na le moeti eo ho seng motho ea mo tsebang. Mohlomong o fumane memo nakong ea phutuho. U ka ’na ua mo botsa, “Na ebe u qala ho re etela?” Mo kōpe hore a lule le uena, ebe u ithaopela ho araba lipotso leha e le life tseo e ka ’nang eaba o na le tsona. Haeba phutheho ea heno e lokela ho suthela phutheho e ’ngoe ka potlako, u ka ’na ua re: “Nka thabela ho utloa hore na u ikutloa joang ka lenaneo lena. Ebe nka etsa joang e le hore re boele re kopane?”

3. Re ka amohela ba seng ba sa kopanele tšebeletsong joang?

3 Amohela ba Seng ba sa Kopanele Tšebeletsong: Ha ho pelaelo hore bahoeletsi ba seng ba sa kopanele tšebeletsong ba tla ba teng, hammoho le ba bang ba tlang Sehopotsong feela selemo le selemo. Ba amohele, ’me u ba bolelle hore kannete u thabela ho ba bona. (Bar. 15:7) Kapele ka mor’a moo, baholo ba ka ba etela malapeng e le hore ba ba khothalletse hore ba tsoele pele ho kopanela le phutheho. Re rapella hore ba bangata ba tla ba teng ba susumelletsehe ho rorisa Molimo ka seo ba tla beng ba se utloile le seo ba tla beng ba se bone ‘ka lebaka la mesebetsi ea rōna e metle eo bona e leng lipaki tsa eona tse boneng ka mahlo.’—1 Pet. 2:12.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela