Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 3/13 leq. 2
  • Ba Amoheleng!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba Amoheleng!
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Re Tla Fana ka Bopaki bo Matla
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
  • Amohela Baeti ka Mofuthu
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2016
  • Ke Joang re ka Thusang ba Bileng Teng Sehopotsong?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
  • Etsang Hore ba Ikutloe ba Amohelehile Sehopotsong
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
km 3/13 leq. 2

Ba Amoheleng!

1. Ke ketsahalo efe e tla re fa monyetla o motle haholo oa ho paka, hona hobane’ng?

1 Ha ho na ketsahalo e re fang monyetla o molemo oa ho paka ho feta Sehopotso sa selemo le selemo. Nahana: Selemong sena re lebeletse hore baeti ba fetang limilione tse leshome ba be teng Sehopotsong le hore ba utloe hore na sehlabelo sa thekollo se bontšitse lerato joang ka litsela tse peli tse khōlō. (Joh. 3:16; 15:13) Ba tla ithuta ka litlhohonolofatso tse fumanehang ka lebaka la mpho ena ea Jehova. (Esa. 65:21-23) Leha ho le joalo, hase sebui feela se tla fana ka bopaki letsatsing lena. Bohle ba teng ba tla ba le monyetla oa ho fana ka bopaki bo matla ka hore ba amohele baeti ka mofuthu.—Bar. 15:7.

2. Re ka amohela baeti ka mofuthu joang?

2 Ho e-na le hore u fumane setulo ebe u lula u khutsitse u emetse hore lenaneo le qale, u ka ikitlaelletsa ho itsebisa batho ba haufi le uena. Baeti ba ka ’na ba ikutloa ba sa phutholoha, ba bile ba sa tsebe hantle hore na ba lebelle eng. Ba ka thusoa haholo ke hore re bososele le hore re be le botsoalle. E le hore u tsebe hore na motho ea itseng o tlile ka lebaka la hobane a fumane memo, u ka mo botsa hore na o qala ho tla libokeng tsa rōna kapa hore na o tseba e mong oa litho tsa phutheho. Mohlomong u ka mo mema hore a lule le uena le hore le kopanele Bibele le buka ea lipina. Haeba le sebelisa Holo ea ʼMuso, mohlomong u ka mo bontša eona ka bokhutšoanyane. Ka mor’a puo, ikemisetse ho araba lipotso tsa hae. Haeba phutheho ea lōna e lokela ho tloha kapele e le hore e suthele phutheho e ʼngoe, u ka ʼna ua re: “Nka rata ho utloa maikutlo a hao ka lenaneo la kajeno. Ebe nka kopana le uena joang?” Ka mor’a moo, etsa litokisetso tsa ho mo etela ka letsatsi le leng. Ka ho khetheha, baholo ke bona ba tla ba seli haholo hore ba khothatse bahoeletsi ba seng ba sa kopanele tšebeletsong ba tlileng Sehopotsong.

3. Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re ikemisetse ho amohela baeti Sehopotsong?

3 Ho baeti ba bangata, e tla be e le ka lekhetlo la pele ba utloa thabo, khotso le bonngoe tseo re nang le tsona paradeiseng ea moea eo re e thabelang joaloka batho ba Jehova. (Pes. 29:11; Esa. 11:6-9; 65:13, 14) Ke boikutlo bofe boo baeti ba tla khutlela mahaeng a bona ba e-na le bona? Seo se tla itšetleha haholo ka ho ikemisetsa ha rōna ho ba amohela ka mofuthu.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela