Ke Joang re ka Thusang ba Bileng Teng Sehopotsong?
1. Ke bopaki bofe bo matla bo tla fanoa ka la 22 March, 2008?
1 Ka la 22 March, 2008, batho ba limilione lefatšeng lohle ba tla fumana bopaki bo matla. Ba tlileng Sehopotsong ba tla utloa ka lerato le leholo leo Jehova a le bontšitseng ka ho fana ka thekollo bakeng sa moloko oa batho. (Joh. 3:16) Ba tla ithuta ka ’Muso le kamoo Jehova a tla o sebelisa ho phetha thato ea hae bakeng sa lefatše lohle. (Mat. 6:9, 10) Ba tla bona ka mahlo lerato le bonngoe ba batho ba Molimo ’me ba latsoe kamohelo ea rōna e mofuthu.—Pes. 133:1.
2. Re ka thusa liithuti tsa Bibele tse tlileng Sehopotsong joang?
2 Liithuti Tsa Bibele: Ba bang ba tla beng ba le teng ke ba sa tsoa qala ho ithuta Bibele le rōna. Ba tsebise bara le barali babo rōna. Ba hlalosetse ka liboka tsa beke le beke, ’me u ba bontše Holo ea ’Muso ho se hokae. Nakong ea puo, sebui se tla khothalletsa batho ba joalo hore ba ’ne ba ntlafatse kamano ea bona le Jehova. U ka sebelisa mantsoe a sona e le motheo oa ho khothatsa liithuti tsa hao.
3. Ke’ng se ka etsoang ho khothatsa bahoeletsi ba sa kopaneleng tšebeletsong ba tlileng Sehopotsong?
3 Bahoeletsi ba sa Kopaneleng Tšebeletsong: Ba bang ba tla beng ba le teng ke bahoeletsi ba sa kopaneleng tšebeletsong. Nka bohato ba ho ba lumelisa ka mofuthu. Qoba ho ba botsa litaba tsa botho kapa ho bua lintho tse ka ba hlabisang lihlong. Nakoana ka mor’a Sehopotso, baholo ba lokela ho etela ba sa kopaneleng tšebeletsong ba neng ba tlile Sehopotsong, ba ba babatse ka boiteko boo ba bo entseng ba ho ba teng, ’me ka mofuthu ba ba memele sebokeng sa phutheho se latelang.
4. E mong le e mong oa rōna a ka thusa baeti joang?
4 Baeti: Ba bang ba tlileng Sehopotsong e ka ’na eaba ke batho bao re tloaelaneng le bona kapa litho tsa lelapa tseo re li memmeng. Ho ka etsahala hore ba bang ba ile ba mengoa nakong ea phutuho e khethehileng. Haeba u bona batho bao u sa ba tsebeng, nka bohato ba ho itsebisa bona le ho ba amohela. Ho ka etsahala hore ba qala ho tla libokeng tsa rōna. Ha u buisana le bona u ka ’na ua ba botsa hore na u ka kopana le bona joang. Ka ho ba etela kapa ho ba letsetsa matsatsi a seng makae ka mor’a Sehopotso, u ka leka ho ba khothalletsa ho ithuta se eketsehileng le ho ithaopela ho ba khannela thuto ea Bibele.
5. Re ka re’ng ha re qalisa thuto ea Bibele?
5 Boitsebiso bo puong ea Sehopotso bo ka sebelisoa e le motheo bakeng sa ho buella buka ea Seo Bibele e se Rutang leetong la ho boela. Ka mohlala, sebui se fanang ka puo ea Sehopotso se tla bala Esaia 65:21-23. Leetong la ho boela, u ka ’na ua bua ka puo eo ebe u re, “E-re ke u bontše mahlohonolo a mang ao thekollo e etsang hore a fumanehe.” Ebe u hlahloba leqephe la 4-5 la buka ea Seo Bibele e se Rutang. Kapa u ka re, “Ba bangata ba ipotsa hore na boprofeta ba Esaia bo tla phethahala neng.” Ebe u hlahloba serapa sa 1-3 khaolong ea 9. Tsela e ’ngoe ke ea hore u phete mantsoe a sebui sa puo ea Sehopotso, u buelle buka ea Seo Bibele e se Rutang, ebe u bontša kamoo thuto e khannoang kateng.
6. Re na le menyetla efe ha re ntse re mamela taelo ea Jesu ea ho ikhopotsa lefu la hae?
6 E se eka e mong le e mong oa rōna a ka batla menyetla ea ho thusa liithuti tsa Bibele, bahoeletsi ba sa kopaneleng tšebeletsong le baeti ba tla beng ba tlile Sehopotsong. (Luka 22:19) Ka sebele Jehova o tla hlohonolofatsa mosebetsi o eketsehileng oo re o etsang tšebeletsong ea rōna ea ’Muso.