Tsela ea ho Sebelisa Foromo ea Ka Kōpo Latela (S-43)
Motho o lokela ho tlatsa foromo ena ha a fumana motho ea thahasellang ea sa luleng tšimong ea phutheho ea habo kapa ea buang puo e ’ngoe. Le hoja nakong e fetileng re ne re e sebelisa ha re kopana le batho ba buang lipuo tse ling ho sa tsotellehe hore na baa thahasella kapa che, hona joale re e sebelisa feela ha motho a bonahala a thahasella. Mokhelo ke feela haeba motho a sa utloe litsebeng. Haeba re kopana le motho ea joalo, ho sa tsotellehe hore na oa thahasella kapa che, re lokela ho tlatsa foromo ea S-43.
Re lokela ho etsa’ng ka foromo ee ha re qeta ho e tlatsa? Re lokela ho e fa mongoli oa phutheho. Ha a tseba phutheho eo a lokelang ho e romela ho eona, a ka e romela ho baholo ba phutheho eo e le hore ba ka lokisetsa hore motho eo ea thahasellang a thusoe. Haeba a sa tsebe hore na a e romele phuthehong efe, o tla e romela ofising ea lekala.
Haeba motho ea thahasellang a bua puo e ’ngoe ’me a lula tšimong ea phutheho ea heno, u ka ’na ua tsoela pele ho mo etela e le ho mo thusa hore a lule a ntse a thahasella ho fihlela a ka eteloa ke mohoeletsi oa phutheho e buang puo ea habo.—Sheba Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea November 2009, leqepheng la 4.