Nka Khato ka Potlako
Haesale Websaete ea rōna e nchafatsoa, palo ea batho ba kōpang lithuto tsa Bibele Inthaneteng e eketsehile haholo. Ka lebaka la mekhoa e mecha ea ho paka phatlalatsa, batho ba bangata ba kōpa ho khanneloa lithuto. Ofisi ea lekala e sebetsana le likōpo tsena hang-hang. Ka mohlala, haeba kōpo e kentsoe ho jw.org, hangata ofisi ea lekala e tsebisa baholo ba phutheho e sebetsang tšimo eo motho eo a lulang ho eona ka mor’a matsatsi a mabeli. Leha ho le joalo, litlaleho tse tsoang tšimong li bontša hore ho feta libeke tse ngata pele batho ba joalo ba eteloa. Re ka tiisa joang hore motho o thusoa pele a felloa ke thahasello?—Mar. 4:14, 15.
Ha u kopana le motho ea thahasellang empa a sa lule tšimong eo u e sebetsang, ka kōpo tlatsa foromo ea Ka Kōpo Latela (S-43) ’me u e fe mongoli sebokeng se latelang. Mongoli o lokela hore a romele boitsebiso ofising ea lekala pele ho feta letsatsi kapa a mabeli ka ho kena karolong e reng Congregation Websaeteng ea jw.org. Baholo ba lokela ho kena Websaeteng ena kamehla. Haeba ba fumana molaetsa oa hore ba etele motho ea itseng, ba lokela ho mo etela ka potlako. Mohoeletsi ea kōptjoang hore a etele motho eo, o lokela ho nka kōpo eo e le ea bohlokoa. Haeba a le sieo lapeng, mohlomong u ka mo siela boitsebiso ba hao.