Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/11 leq. 4
  • Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
  • Bibele e Re’ng ka Likoluoa Tsa Tlhaho?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
  • Likoluoa Tsa Tlhaho—Ke Hobane’ng ha li le Ngata Hakaale?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
km 11/11 leq. 4

Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho

Tsela ea ho Qala Lithuto Tsa Bibele ka Moqebelo oa Pele oa December

“Ntle ho pelaelo ua lumela hore kaofela ha rōna re hloka metsoalle. Ke tšobotsi efe eo u e ratang haholo ho motsoalle? [Emela karabo.] Hlokomela hore na sehlooho sena se re’ng mabapi le hore na ke hobane’ng ha re lokela ho khetha metsoalle ea rōna ka hloko.” Neha motho eo u buang le eena Molula-Qhooa oa December 1. Bala u be u tšohle le eena sehloohoana sa pele leqepheng la 16. Bonyane u ka bala lengolo le le leng. Mo fe limakasine ’me u lokisetse ho khutlela ho eena ho tla araba potso e latelang.

Molula-Qhooa December 1

“Na u kile ua ipotsa hore na ke hobane’ng ha morao tjee ho bile le likoluoa tsa tlhaho tse ngata hakaale? [Emela karabo.] Hoa khahlisa hore ebe Bibele e ile ea bolela esale pele hore ho tla ba le nako ea likoluoa. [Bala Matheu 24:7, 8.] Makasine ena e araba lipotso tsena: Ke hobane’ng ha re bona likoluoa tsa tlhaho tse ngata hakaale kajeno? Na Molimo oa re otla? Re na le mabaka afe a ho lumela hore Molimo o tla tloha a felisa likoluoa tsohle tsa tlhaho?”

Tsoha! December

Bala 2 Timothea 3:16. Ebe u re: “Batho ba bang baa lumela hore Bibele e bululetsoe ke Molimo, ba bang bona ha ba lumele. Uena u re’ng? [Emela karabo.] Le hoja batho ba araba potso ena ka litsela tse sa tšoaneng, ba bangata baa lumela hore ha ho na buka e ’ngoe eo batho ba ileng ba etsa matsapa a mangata hakaalo a ho e felisa. Makasine ena e hlalosa lintho tse ling tseo ka lilemo tse makholo batho ba ileng ba li etsa ha ba leka ho senya Bibele le ho thibela batho ho e bala. E hlalosa le hore na ke hobane’ng ha e ntse e le teng.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela