Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
Tsela ea ho Qala Lithuto Tsa Bibele Moqebelong oa Pele oa December
“Nakong ena ea selemo, batho ba bangata ba nahana ka Jesu. Ha u nahana, ebe Jesu o entse ntho efe ea bohlokoa? [Emela karabo.] Ke kōpa u ele hloko sehlooho sena se leqepheng la 16.” Fa mong’a ntlo Molula-Qhooa oa December 1 u ntan’o tšohla le eena se seng sa lihloohoana ’me bonyane u bale lengolo le le leng. Mo siele limakasine ebe u lokisetsa ho khutla e le hore le tl’o tšohla potso e latelang.
Molula-Qhooa December 1
“Nakong ena ea selemo, batho ba bangata ba moeeng oa Keresemese. U bona eka lintlheng tsee ke efe e lokelang ho ba ea bohlokoa nakong ee? [Mo bontše lethathamo le leqepheng la 3 ’me u emele karabo. Ebe u phetla sehlooho se buang ka taba eo ’me u bale temana ea sehlooho.] Makasine ena e bontša kamoo re ka hopolang Jesu kateng selemo sohle, eseng feela ka Keresemese.”
Tsoha! December
“Re ntse re etela batho hobane re elelloa hore ba bangata ba imetsoe kelellong. Na u bona eka matsatsing aa batho e se e le lifela-peloana? [Emela karabo.] Batho ba bang ba lumela hore re phela nakong e thata e ileng ea profetoa lengolong lena la 2 Timothea 3:1. [E bale] Makasine ena e bontša hore na ke hobane’ng ha ho hloka mamello ho le kotsi ’me e fana ka litlhahiso tsa kamoo re ka bontšang mamello kateng.”