Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/14 leq. 4
  • Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
  • Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
  • Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
  • Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
km 11/14 leq. 4

Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho

Tsela ea ho Qala Lithuto Tsa Bibele ka Moqebelo oa Pele oa December

“Re etela malapa ho buisana le ’ona ka taba ea bohlokoa. Batsoali ba bangata ba batla hore bana ba bona ba rate Molimo. Na u nahana hore batsoali ba ka ruta bana ho rata Molimo, kapa bana ke bona ba tlamehang ho ithuta ho rata Molimo?” Emela karabo. Mo bontše karolo e ka morao Molula-Qhooeng oa December 1, ebe le buisana ka lintlha tse tlas’a potso ea pele ʼme le tšohle bonyane lengolo le le leng ho a bontšitsoeng. Mo siele limakasine ’me u lokisetse ho khutla e le hore le tšohle potso e latelang

Molula-Qhooa December 1

“Re chakile ka nako e khutšoanyane ho tla bua le uena ka Molimo. Rea tseba hore motho e mong le e mong o na le maikutlo a hae ka Molimo. Na u nahana hore batho ba bangata ba nka hore Molimo ke matla feela tjee a tlhaho kapa ke motsoalle oa sebele ea ba tsotellang? [Emela karabo.] Temana ena ea Bibele e re bolella hore na Molimo o batla hore re be le kamano ea mofuta ofe le eena. [Bala Jakobo 4:8a.] Makasine ona o bontša lintho tse tharo tseo re ka li etsang e le hore re atamele ho Molimo.”

Tsoha! December

“Re chakile ka nako e khutšoanyane hobane re amehile ka bothata bo atileng ba bophelo. Ho latela Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo, ho na le nako eo ka eona motho a le mong ho ba bane a tla tšoaroa boloetse ba kelello bo kang ho imeloa kelellong. Na u nahana hore maloetse a kelello a ntse a eketseha? [Emela karabo.] Bibele e re tšepisa hore haufinyane ho ke ke ha hlola ho e-ba le ho kula le bohloko lefatšeng. [Bala Tšenolo 21:3, 4.] Makasine ona o na le lintho tse ’maloa tseo e mong le e mong a lokelang ho li tseba ka maloetse a kelello.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela