Na U Tla Rua Molemo Khatisong e Nolofalitsoeng?
Khatiso e ithutoang ea Molula-Qhooa e se e fumaneha ka khatiso e nolofalitsoeng ea Senyesemane. Khatiso ena e etselitsoe (1) bahoeletsi ba buang Senyesemane ba ka ruang molemo mantsoeng a nolofalitsoeng, mohlomong kahobane ba sa ruteha hakaalo; (2) bahoeletsi bao Senyesemane e seng puo ea bona ea lapeng; (3) bacha, ho kopanyelletsa le ba kenang sekolo; le (4) liithuti tsa Bibele tse hlokang puo e bonolo, e tobang taba e le hore li utloisise litaba tsa moea.
Palo ea lirapa, lipotso le lihloohoana e ntse e lekana le ea khatiso e tloaelehileng. Boitsebiso bo tšoana hantle, ho mpa ho nolofalitsoe mantsoe feela. Le hoja mokhanni oa Thuto ea Molula-Qhooa le motho ea balang lirapa ba tla sebelisa khatiso e tloaelehileng, ntle le haeba ba bangata ba sebelisa khatiso e nolofalitsoeng, ba sebelisang khatiso e nolofalitsoeng ba tla bona mangolo a tšoanang, litšoantšo tse tšoanang ebile ba tla khona ho tsamaisana le motho ea balang lirapa ba be ba fane ka litlhaloso.
Motho leha e le ofe ea nahanang hore o tla rua molemo khatisong eo o lokela ho etsa odara ho mohlanka oa limakasine.