Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 7/12 maq. 6-7
  • Thusa Batho Hore ba Mamele Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thusa Batho Hore ba Mamele Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kamoo re ka Sebelisang Bukana ea Mamela Molimo ’me U Phele ka ho sa Feleng
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2017
  • Buella Libukana Tse Lekanang le Makasine Hore U Arolele ba Bang Tšepo ea Hao ea ’Muso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Kamoo re ka Sebelisang Bukana ea Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo!
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
  • Sebelisa Libukana Tse Lekanang le Makasine Tse sa Tšoaneng Tšebeletsong ea Hao
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
km 7/12 maq. 6-7

Thusa Batho Hore ba Mamele Molimo

1. Ke bukana efe e lokolotsoeng Kopanong ea Setereke ea “’Muso oa Molimo o ke o Tle!” ’me ke eng e etsang hore e be thulusi ea bohlokoa hakaale?

1 Kopanong ea Setereke ea “’Muso oa Molimo o ke o Tle!” ho ile ha lokolloa bukana e ncha ea Mamela Molimo ’me U Phele ka ho sa Feleng. Kaha bukana ena ha e na boitsebiso bo bongata, e ka fetoleloa ka potlako le habonolo. Ha e le hantle, ha bukana ea Mamela Molimo ’me U Phele ka ho sa Feleng e lokolloa, ho ne ho se ho fanoe ka tumello ea hore e fetoleloe ka lipuo tse 431.

2. Ke bo-mang ba tla rua molemo bukaneng ee?

2 Ke bo-mang ka ho khetheha ba tla rua molemo bukaneng ee? Nahana ka maemo a latelang a hlahang khafetsa lefatšeng lohle:

• Mohoeletsi o buisana le mong’a ntlo, ebang ke leetong la pele kapa la ho boela, ’me o hlokomela hore mong’a ntlo ha a tsebe ho bala kapa o thatafalloa ho bala.

• Mohoeletsi o pakela batho ba buang puo eo ho nang le lingoliloeng tse seng kae feela ka eona kapa eo li leng sieo ka ho feletseng. Kapa batho ba bangata bao a ba pakelang tšimong ha ba khone ho bala puo eo ba e buang.

• Mohoeletsi o pakela batho ba sa utloeng litsebeng ba tšimong ea habo a sebelisa puo ea matsoho.

• Motsoali o batla ho ruta ngoana oa hae ’nete, empa ngoana ha a e-s’o tsebe ho bala.

3. Bukana ea Mamela Molimo ’me U Phele ka ho sa Feleng e ngotsoe joang?

3 Tsela eo e Ngotsoeng ka Eona: Bukana ea Mamela Molimo ’me U Phele ka ho sa Feleng e reretsoe hore re ithute eona le batho ba thatafalloang ho bala kapa ba ithutang ho bala. Qalong ea thuto ka ’ngoe e nkang maqephe a mabeli, ho na le potso e arajoang hona maqepheng ao. Litšoantšo tse bukaneng ena li hlalositsoe ebile pel’a tsona ho na le litemana tse boletsoeng feela li sa qotsoa. Botlaaseng ba maqephe a mangata ho na le mabokose a nang le lintlha tse eketsehileng le Mangolo a ka tšohloang, ho itšetlehile ka bokhoni ba seithuti.

4. Re ka tsamaisa bukana ee neng hona joang?

4 Tsela ea ho e Sebelisa: U ka tsamaisa bukana ena ka ntlo le ntlo neng le neng ha u nahana hore ho ka ba molemo ho etsa joalo, le haeba ho sa tsamaisoe libukana khoeling eo. (Bona lebokose le nang le sehlooho se reng “Kamoo e ka Tsamaisoang Kateng.”) U ka e buella leetong la ho boela ka hore u bolelle motho ea thahasellang hore u na le se seng seo u batlang ho mo bontša sona ebe u mo fa bukana. Ha le tšohla setšoantšo, le ka bala tlhaloso ea sona le litemana tse tsamaisanang le sona.

5. Re ka thusa liithuti tsa rōna tsa Bibele joang hore li tsoele pele?

5 Thusa Seithuti Hore se Tsoele Pele: Re tšepa hore seo u se tšohlang le seithuti se tla etsa hore se lakatse ho ithuta le ho ipalla e le hore se ka rua tsebo ea Jehova. (Mat. 5:3; Joh. 17:3) Leha ho le joalo, ha le qeta ho bala bukana, seithuti se tla be se e-s’o lokele ho kolobetsoa. Ka mor’a moo, le lokela ho ithuta buka ea Seo Bibele e se Rutang kapa sengoliloeng se seng feela se loketseng se tla chorisa tsebo ea seithuti ea Bibele.

6. Ke hobane’ng ha u leboha thulusi ee e ncha e sebelisoang tšebeletsong?

6 Batho ba lokela ho mamela ’Musi oa bokahohle hore ba tle ba phele ka ho sa feleng. (Esa. 55:3) Thato ea Jehova ke hore “batho ba mefuta eohle,” ho akarelletsa le ba sa tsebeng ho bala, ba ithute hore na ba ka mo mamela joang. (1 Tim. 2:3, 4) Re leboha haholo ka thulusi ena e ncha eo re ka e sebelisetsang ho ruta batho kamoo ba ka mamelang Molimo kateng!

[Lebokose le leqepheng la 7]

Kamoo e ka Tsamaisoang Kateng

Bontša mong’a ntlo leqephe la 2-3 ebe u re: “Na u ka rata ho phela lefatšeng le tjee? [Emela karabo.] Mangolo [kapa, buka ena e halalelang] a tšepisa hore Molimo o tla tloha a etsa hore lefatše lena e be sebaka se setle, seo ho sona ho renang khotso ’me ho se na mofutsana kapa ea kulang. Hlokomela hore na re lokela ho etsa’ng e le hore re phele moo. [Bala Esaia 55:3, e bontšitsoeng qalong ea leqephe la 3.] Temana ena e re re ‘tle’ ho Molimo ’me re mo ‘mamele.’ Empa re ka mamela Molimo joang?” Phetla leqephe la 4-5 ’me u tšohle karabo le eena. Haeba a se na nako, mo siele bukana ’me u lokisetse ho khutla e le hore le tšohle karabo ea potso eo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela