Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/12 leq. 3
  • U se ke Ua ba Leqe—Hobane U Phathahane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U se ke Ua ba Leqe—Hobane U Phathahane
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • U se ke ua Tsila-tsila!
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • Etsa Kemiso ea Lelapa e Sebetsang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • U ka Thusa Lithuto Joang Hore li Qetelle li Kolobelitsoe?​—Karolo ea Pele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
  • U ka Thusoa ke Eng Hore u Etse Thuto ea Botho Beke e ’Ngoe le e ’Ngoe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
km 11/12 leq. 3

U se ke Ua ba Leqe—Hobane U Phathahane

1. Ke hobane’ng ha ba bang ba le leqe ho buella thuto ea Bibele?

1 Ba bang ba leqe ho buella thuto ea Bibele hobane ba phathahane. Ho khannela motho thuto ea Bibele ho nka nako. U lokela ho ipha nako ea ho lokisetsa, ea ho khanna thuto le ea ho thusa seithuti ho hlōla litšitiso. Moapostola Pauluse o itse o fane ka moea oa hae ha a thusa Bathesalonika hore ba tsebe Jehova. (1 Bathes. 2:7, 8) Re ka khanna lithuto tsa Bibele joang leha re phathahane?

2. Ho rata Jehova ho ama tsela eo re sebelisang nako ka eona joang?

2 Ho Sebeletsa Jehova ho Hloka Nako: Ke ’nete hore ho sebeletsa Jehova ho hloka nako. Ka mohlala, ho re hloka nako hore re be teng libokeng, re ee tšimong, re bale Bibele le ho rapela. Motho ea lenyalong le hoja a phathahane o tla thabela ho ipha nako ea ho ba le molekane oa hae. Ka ho tšoanang, le rōna re lokela ho ‘reka nako’ ea ho sebeletsa Jehova hobane re mo rata. (Baef. 5:15-17; 1 Joh. 5:3) Jesu o bontšitse hore ho etsa barutuoa ke karolo ea bohlokoa ea tšebeletso ea rōna ho Jehova. (Mat. 28:19, 20) Ho nahana ka sena ho tla re thusa hore re se ke ra ba leqe ho phetha boikarabelo ba rōna ba ho khanna lithuto tsa Bibele.

3. Re ka ntšetsa pele thuto ea Bibele joang haeba maemo a re sitisa?

3 Empa re ka etsa’ng haeba re sitisoa ke mosebetsi, ho kula ho sa eeng moriting kapa ho phetha likabelo ka phuthehong? Bahoeletsi ba bang ba tlamehang hore nako le nako ba be sieo, ba khanna lithuto tsa Bibele ka thelefono kapa ka Inthanete. Ba sitisoang ke ho kula ba kōpile liithuti ho tla mahabona. Ba bang ba ee ba kōpe mohoeletsi ea tšepahalang hore a khanne thuto ha ba le sieo.

4. Ho khanna lithuto tsa Bibele ho tlisa mahlohonolo afe?

4 Pauluse o ne a thabela ho sebelisa nako le matla a hae ho thusa ba bang ho ithuta ’nete. (Lik. 20:35) O ile a susumelletseha ho leboha Jehova ha a nahana ka batho ba Thesalonika bao a ba thusitseng. (1 Bathes. 1:2) Thabo ea rōna le khotsofalo li ka eketseha haeba re sa lumelle ho phathahana ho re sitisa ho khanna lithuto tsa Bibele.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela