Letšolo la ho Phatlalatsa Sehopotso le Qala ka la 1 March
1. Re tla qala letšolo la ho phatlalatsa Sehopotso neng, hona ke hobane’ng ha le tla nka nako e teletsana?
1 Ka Labohlano la la 1 March, re tla qala letšolo la rōna la selemo le selemo la ho mema ba bang hore ba tl’o ba le rōna Sehopotsong. Kaha Sehopotso se tla ba ka la 26 March, sena se bolela hore letšolo le tla nka nako e teletsana ho feta lilemong tse fetileng. Sena se tla fa batho ba eketsehileng monyetla oa ho fumana limemo, haholo haeba tšimo ea phutheho e le khōlō.
2. Ho tla etsoa litokisetso life bakeng sa ho fumana limemo le ho akaretsa tšimo?
2 Litlhophiso: Baholo ba tla fana ka litaelo tsa hore na tšimo e tla akaretsoa joang le hore na limemo li ka siuoa malapeng ao ho se nang batho ho ʼona kapa che. Haeba ho e-na le limemo tse setseng ka mor’a ho akaretsa tšimo ka ntlo le ntlo, li ka fuoa batho bopaking ba phatlalatsa. Molebeli oa tšebeletso o tla netefatsa hore o beha limemo tse ngotsoeng aterese le nako k’haontareng ea libuka kapa ea limakasine hore bahoeletsi ba li nke, empa ha aa lokela ho li beha kaofela ka nako e le ʼngoe. Re lokela ho nka feela tseo re tla li hloka bekeng eo.
3. Re lokela ho hopola eng ha re aba limemo?
3 Seo re ka se Buang? Ho molemo ho bua hakhutšoanyane, kaha sena se tla re fa monyetla oa ho bua le batho ba bangata kamoo ho ka khonehang. Leqepheng la 4 ho na le mohlala oa seo re ka se buang le batho ʼme re ka o lumellanya le maemo a tšimo ea rōna. Empa ha mong’a ntlo a le botsoalle kapa a e-na le lipotso, ha ho hlokahale hore re tlohe ka lepotlapotla. Ha re tsamaisa limemo ka mafelo a beke, re ka boetse ra fana ka limakasine moo ho loketseng. Kaha re tloaetse ho qala lithuto tsa Bibele ka Moqebelo oa pele oa khoeli, Moqebelo oa la 2 March e tla ba letsatsi le Khethehileng la Limakasine, kahoo re tla tsamaisa limakasine hammoho le limemo ho e-na le ho qala lithuto tsa Bibele.
4. Ke hobane’ng ha re lokela ho ikakhela ka setotsoana letšolong lee?
4 Re tšepa hore ba bangata ba tla ba le rōna Sehopotsong. Puo ea Sehopotso e tla hlalosa hore na ha e le hantle Jesu ke mang. (1 Bakor. 11:26) E tla totobatsa hore na lefu la hae le re thusa joang. (Bar. 6:23) Hape e tla bontša ka ho hlaka hore na ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re mo hopole. (Joh. 17:3) E se eka re ka ikakhela ka setotsoana letšolong lena!