Re Tla Aba Limemo Tsa Sehopotso ho Tloha ka la 2 April
1. Re tla aba limemo tsa Sehopotso neng selemong see, hona phutuho ee ea selemo le selemo ke ea bohlokoa hakae?
1 Ho tloha ka la 2 ho ea ho la 17 April, re tla aba limemo tsa ketsahalo ea bohlokoa ka ho fetisisa selemong—e leng Sehopotso sa lefu la Kreste. Nakong e fetileng, phutuho ena ea selemo le selemo e ile ea susumelletsa batho ba bangata ba thahasellang hore ba nke bohato. Ka mohlala, letsatsing la Sehopotso mosali e mong o ile a letsetsa ofising ea lekala ’me a re: “Ke sa tsoa fihla lapeng, ’me ke fumane memo tlas’a lemati. Ke batla ho ea, empa ha ke tsebe hore na ho qaloa ka nako mang.” Mor’abo rōna o ile a mo hlalosetsa hore na a ka fumana boitsebiso boo hokae memong. Mosali enoa o ile a tšepisa a re, “Ke tla ba teng Sehopotsong sa lōna mantsiboeeng ana!”
2. Re ka re’ng ha re tsamaisa memo?
2 Re Tla li Aba Joang?: Kaha re na le nako e khutšoanyane ea ho sebetsa tšimo ea rōna kaofela, ho molemo hore re bue ka bokhutšoanyane. Re ka lumelisa mong’a ntlo ebe re re: “Re tliselitse lelapa la hao memo ena ho tla le memela tšebeletsong e tšoaroang selemo le selemo ’me selemong sena e tla ba ka Sontaha sa la 17 April lefatšeng lohle. [Mo nehe memo.] Ke letsatsi la ho ikhopotsa lefu la Jesu. Ho tla ba le puo ea Bibele e bontšang kamoo re ka ruang molemo kateng thekollong ea Kreste, ’me ho kenoa ntle ho tefo. Memo ena e bontša hore na seboka sena se tla tšoareloa hokae le hore na se tla tšoaroa ka nako efe.”
3. Re ka etsa joang e le hore re meme batho ba bangata kahohle kamoo ho ka khonehang?
3 Haeba phutheho e e-na le tšimo e khōlō, baholo ba ka ’na ba le bolella hore le siee limemo matlong a se nang batho hafeela le li beha moo batho ba fetang ka tsela ba ke keng ba li bona. Etsang bonnete ba hore le mema lipoelo tsa lōna, beng ka lōna, basebetsi-’moho le lōna, bao le kenang sekolo le bona le batho ba bang bao le ba tloaetseng. Ha le aba limemo tsena nakong ea mafelo-beke, tsamaisang limakasine hohle moo ho khonehang. Na u ka ba pula-maliboho ea thusang ka April ’me oa kopanela haholoanyane phutuhong ee e thabisang?
4. Ke hobane’ng ha re batla hore batho ba thahasellang ba be teng Sehopotsong?
4 Batho ba thahasellang ba tlileng Sehopotsong ba tla fumana bopaki bo matla hakaakang! Ba tla utloa hore Jehova o bontšitse lerato le leholo ka ho lokisetsa thekollo. (Joh. 3:16) Ba tla ithuta kamoo ’Muso oa Molimo o tla tsoela batho molemo kateng. (Esa. 65:21-23) Ba tla be ba khothalletsoe hore ba ee ho bahlokomeli ’me ba kōpe ho khanneloa thuto ea Bibele e le hore ba ithute ho eketsehileng. Re rapella hore batho ba bangata ba thahasellang ho ithuta ka Jehova ba amohele memo ena ’me ba be le rōna Sehopotsong!