Limemo Tsa Sehopotso Tse Tla Tsamaisoa Lefatšeng Lohle!
1. Ho lokisetsoa letšolo lefe le khethehileng lefatšeng lohle pele ho Sehopotso?
1 “Le ’ne le etse sena ho nkhopola.” (Luka 22:19) Barapeli ba Jehova ba tla bontša hore ba mamela taelo ena ea Jesu ka hore ka la 30 March, 2010, ba bokane hammoho le ba thahasellang hore ba tl’o ikhopotsa lefu la Jesu. Ho tloha ka la 13 ho ea ho la 30 March, ho tla tsamaisoa memo e khethehileng ea Sehopotso lefatšeng lohle.
2. Re ka tsamaisa memo ea Sehopotso joang?
2 Tsela ea ho e Tsamaisa: U ka ’na ua fa mong’a ntlo memo e le hore a bone setšoantšo se ka ntle, ebe u re: “Mantsiboeeng a la 30 March, batho ba limilione lefatšeng lohle ba tla bokana ka morero oa ho hopola lefu la Jesu. Ke u tliselitse memo ena e le hore uena le lelapa la hao le ka ba teng. U ka tla le metsoalle ea hao. Ke kōpa u hlokomele hore na re tla tšoarela tšebeletso ena hokae hona ka nako efe.” Haeba maemo a lumela, u ka ’na ua mo balla Luka 22:19 moo taelo ea ho ikhopotsa lefu la Jesu e hlahang teng ka Bibeleng. Leha ho le joalo, hopola hore kaha nako ea rōna ea ho sebetsa tšimo e lekane motinyane, ke habohlokoa hore u li otle mabal’a nkoe.
3. Re ka mema bo-mang?
3 Haeba phutheho ea habo lōna e na le tšimo e khōlō, baholo ba ka ’na ba re ha le tsamaisa limemo ka ntlo le ntlo, le li siee le matlung ao ho se nang batho ho ’ona. Le ka tsamaisa limakasine hammoho le limemo ha boemo bo lumela. Etsa bonnete ba hore u mema batho bao u ba etsetsang maeto a ho boela, bao u ithutang Bibele le bona, bao u sebetsang le bona, bao u kenang sekolo le bona, beng ka uena, baahelani ba hao kapa ba bang bao u ba tsebang.
4. Ho ananela lerato leo Jehova a re bontšitseng lona ka ho re fa thekollo ho tla re susumelletsa ho etsa’ng?
4 Itokisetse ho Ikakhela ka Setotsoana: Nako ea Sehopotso ke nako e molemo ea hore re ikakhele ka setotsoana mosebetsing oa ho bolela. Na u ka etsa liphetoho tse itseng e le hore u ka ba pula-maliboho ea thusang? Na u na le bana ba hatelang pele hantle kapa batho bao u ithutang Bibele le bona? Haeba ho joalo, tsebisa baholo e le hore ba ka hlahloba hore na baa tšoaneleha ho ba bahoeletsi ba sa kolobetsoang e le hore ba ka sebetsa le rōna letšolong lena le khethehileng. Ho ananela lerato leo Jehova a re bontšitseng lona ka ho re lokisetsa thekollo ho tla re susumelletsa ho ba teng Sehopotsong le ho mema ba bangata kamoo re ka khonang.—Joh. 3:16.