Phutuho e Khethehileng ea ho Phatlalatsa Sehopotso!
1. Baboleli ba ’Muso ba tla be ba etsa’ng lefatšeng ka bophara ho tloha ka la 21 March, 2009, hona hobane’ng?
1 Ka Labone la la 9 April, 2009, barapeli ba Jehova Molimo lefatšeng ka bophara ba tla phutheha ka morero oa ho ikhopotsa tsela e khōlō ka ho fetisisa eo a bontšitseng ka eona hore o rata batho. (Bar. 5:6-8) Re lebeletse ka cheseho hore batho ba limilione ba thahasellang ba tla ba le rōna ha re ikhopotsa lefu la Jesu. Lefatšeng ka bophara ho tla abuoa memo e khethehileng ea Sehopotso ho tloha ka la 21 March.
2. U lokela ho hopola lintlha life ha u buella memo?
2 Lintlha Tseo re Lokelang ho li Hopola: Sebelisa ka botlalo litšoantšo, lipotso le lengolo le bontšitsoeng memong. Ka mohlala, u ka ’na ua bontša motho setšoantšo se leqepheng le qalang ebe u re: “Ke rata ho u mema hore u be le rōna ha re ikhopotsa lefu la Jesu ka Labone la la 9 April, 2009.” Ebe u mo bontša sehlooho sa memo le lipotso tse latelang. Etsa bonnete ba ho hlakisetsa mong’a ntlo hore o lokolohile ho mema litho tsa lelapa le mang kapa mang eo a batlang ho tla le eena.
3. Ha u ile ua mema batho qalong ea phutuho, u ka etsa’ng ka mor’a moo?
3 Haeba phutheho ea habo lōna e na le tšimo e khōlō, baholo ba ka ’na ba re le siee limemo moo ho se nang batho. Bofelong ba beke, le ka tsamaisa limakasine hammoho le memo. Iketsetse pakane ea ho mema batho bao u etsang maeto a ho boela ho bona, liithuti tsa Bibele, beng ka uena, liithuti-’moho, basebetsi-’moho, baahelani, le ba bang bao u ba tloaetseng. Selemong se fetileng, morali e mong oabo rōna o ile a mema beng ka eena ba 30, eaba nako le nako o lula a ba hopotsa bohlokoa ba ketsahalo ena. Ruri o ile a thaba haholo ha ba 25 ba e-ba teng ’me ba bane ba lumela ho khanneloa thuto ea Bibele.
4. Ke litokisetso life tseo re lokelang ho li etsa hona joale, hona hobane’ng?
4 Lokisetsa Esale Hona Joale: Bahoeletsi ba bangata ba ka ’na ba khona ho eketsa mosebetsi oa bona ka March le April. Haeba u na le bana kapa liithuti tsa Bibele tse hatelang pele hantle, ona e ka ’na ea e-ba monyetla o motle oa hore e be bahoeletsi ba sa kolobetsoang. Ena ke nako ea ho qalella ho etsa litokisetso tsa ho ikakhela ka setotsoana phutuhong ena e phatlalatsang sehopotso sa lipontšo tse peli tse khōlō ka ho fetisisa tsa lerato.—Joh. 3:16; 15:13.