Letšolo la ho Aba Limemo Tsa Sehopotso le Qala ka la 22 March
Selemong sena letšolo la rōna la ho memela batho Sehopotsong le qala ka Moqebelo oa la 22 March. Bohle ba khothalletsoa ho kopanela ka botlalo. Nakong ea mafelo-beke re tla aba le limakasine ha ho loketse. Moqebelong oa pele oa April, sepheo sa rōna e tla ba ho aba limemo eseng ho qala lithuto tsa Bibele. Leha ho le joalo, haeba re kopana le motho ea thahasellang ka tsela e khethehileng, re ka ’na ra leka ho qala thuto ea Bibele le eena. Molebeli oa tšebeletso a ka etsa qeto mabapi le hore na ho aba limemo bopaking ba phatlalatsa ho tla thusa phutheho ho finyella batho ba eketsehileng tšimong. Hona joale, ngola lethathamo la beng ka uena, batho bao u sebetsang le bona, bao u kenang sekolo le bona, bao u boelang ho bona le batho ba bang ba u ba tloaetseng bao u batlang ho ba mema, ebe u ba fa limemo ha phutuho e qala. Re tšepa hore ba bangata ba tla kopanela le rōna ha re ikhopotsa lipontšo tse peli tse fetisisang tsa lerato.—Joh. 3:16; 15:13.