Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 9/14 leq. 3
  • Sebelisa jw.org Boboleling

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sebelisa jw.org Boboleling
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Websaete ea Rōna e Molaong—E Reretsoe ho Tsoela Rōna le Batho ba Bang Molemo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
  • Sebelisa Websaete ea Rōna Tšimong—“Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa”
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
  • Re ka Fumana Likarabo Tsa Lipotso Tsa Bohlokoa Bophelong Hokae?
    Re ka Fumana Likarabo Tsa Lipotso Tsa Bohlokoa Bophelong Hokae?
  • U ka Fumana Thuso
    Tsoha!—2020
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
km 9/14 leq. 3

Sebelisa jw.org Boboleling

Websaete ea rōna ke sesebelisoa sa bohlokoa se re thusang ho bolela litaba tse molemo “ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.” (Lik. 1:8) Batho ba bangata ha ba iphumanele jw.org ka bobona. Ho e-na le hoo, ba e tseba feela ka mor’a hore mohoeletsi a ba bontše eona. Leha ho le joalo, pele u sebelisa sesebelisoa sa hao se senyenyane sa elektronike tšimong, tiisa hore ho sireletsehile ho etsa joalo. Kamehla u be hlokolosi libakeng tseo tlōlo ea molao e atileng ho tsona. Haeba u se na sona, u ka botsa mong’a ntlo ka bohlale hore na u ka mo bontša jw.org sesebelisoeng sa hae.

Molebeli e mong ea tsamaeang o kopilelitse video ea Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Ithuta Bibele? founong ea hae ’me o e bontša batho neng le neng ha a fumana monyetla. Ka mohlala, ha a e-ea ka ntlo le ntlo o re: “Ke etela batho ka nako e khutšoanyane ho ba thusa ho fumana likarabo tsa lipotso tse tharo tsa bohlokoa, tse reng: Ke hobane’ng ha lefatše le e-na le mathata a mangata hakaale? Molimo o tla a rarolla joang? Hona re ka a mamella joang nakong ee? Video ena e khutšoanyane e araba lipotso tsena.” Ka mor’a moo, oa e bapala ’me o sheba hore na mong’a ntlo o ikutloa joang. Video ena e monate hoo batho ba bangata ba sa tloseng mahlo ho eona ho fihlela e felile. Ka mor’a moo molebeli enoa ea tsamaeang o re: “U sa tsoa utloa hore u ka kōpa thuto ea Bibele ka Inthanete. Empa kaha ke u etetse, nka u bontša ka bokhutšoanyane feela hore na e khannoa joang.” Ha mong’a ntlo a lumela, o mo bontša hore na thuto e khannoa joang a sebelisa bukana ea Litaba Tse Molemo. Haeba mong’a ntlo a se na nako, o etsa litokisetso tsa hore lekhetlong le latelang o tla mo bontša hore na thuto e khannoa joang. Ha a fapohela lebenkeleng la kofi hore a phomole, o etsa se tšoanang ho motho ea lutseng pel’a hae ka mor’a hore a qalise moqoqo oa botsoalle le eena. Na u sebelisa jw.org boboleling?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela