SEHLOOHO SA KHOELI: “U BOLELE LENTSOE, U BE HO LONA KA HO PHEHELLA.”—2 TIM. 4:2.
Sebelisa Menyetla e Hlahang ea Hore U Phatlalatse Molaetsa oa ’Muso!
1. Re ka ithuta eng mohlaleng oa Davida?
1 Morena Davida o ne a sa lumelle hore maemo a hae a mo qete matla. Ka mohlala, Davida o ne a batla ho hahela Jehova ntlo. Ha a thibeloa ho e haha, o ile a fetola maoa ’me a lokisetsa Solomone lintho tsa ho haha tempele eo. (1 Mar. 8:17-19; 1 Likron. 29:3-9) Ho e-na le hore Davida a amehe haholo ka seo a neng a ke ke a khona ho se etsa, o ile a ameha ka seo a neng a ka khona se etsa. Re ka etsisa mohlala oa Davida joang ha re batla litsela tsa ho phatlalatsa molaetsa oa ’Muso?
2. Re ka itlhahloba mabapi le eng?
2 Etsa se Matleng a Hao: Ba bangata ba nolofalitse bophelo ba bona e le hore ba ngolise e le bo-pula-maliboho ba thusang kapa ba kamehla. (Mat. 6:22) Na u ka ba e mong oa bona? Ha u ntse u rapela ’me u hlahloba maemo a hao, mohlomong u tla bona hore u “buletsoe monyako o moholo o isang tšebetsong.” Haeba ho joalo, kena ka oona!—1 Bakor. 16:8, 9.
3. Re ka sebelisa menyetla efe ea ho paka haeba maemo a rōna a sa re lumelle ho ba bo-pula-maliboho?
3 U ka etsa’ng haeba maemo a hao a u sitisa ho ba pula-maliboho? U se ke ua hlokomoloha menyetla e meng e u bulehetseng. Ka mohlala, haeba mosebetsing oa hao u kopana le batho, ba pakele ha monyetla o hlaha. Kapa haeba u khathatsoa ke ho kula, na u ka sebelisa menyetla ea ho pakela baoki ba hao? Hopola hore ho na le tokisetso ea hore batho ba tsofetseng kapa ba kulang haholo ba tlalehe metsotso e 15. Ha u tlatsa tlaleho ea hao ea khoeli le khoeli ea tšebeletso ea tšimo, u se ke ua lebala ho akarelletsa nako eo u e sebelitseng bopaking ba ha monyetla o hlaha u be u tlalehe le lingoliloeng tseo u li tsamaisitseng, ho akarelletsa lipampitšana le limemo tsa Sehopotso le tsa kopano. Hoa khothatsa hore qetellong metsotso e seng mekae eo re e sebelitseng re paka ka tsela ena e ka qetella e le lihora tse ngata!
4. U ikemiselitse ho etsa’ng?
4 Ho sa tsotellehe hore na maemo a rōna ke afe, a re phatlalatseng litaba tse molemo neng le neng ha monyetla o hlaha. Ha re etsa joalo, re tla khotsofalla ho tseba hore re etsa sohle seo re ka se khonang molemong oa ’Muso.—Mar. 14:8; Luka 21:2-4.