Batla Menyetla ea ho Paka
1 Phutheho ea Bokreste e entsoe ka batho ba maemo a fapa-fapaneng. Leha ho le joalo, re ikemiselitse ho rorisa Jehova re kopane. (Pes. 79:13) Haeba ka lebaka la ho fokolloa ke bophelo kapa ka lebaka la mathata a mang re sa khone ho etsa mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo, re ka batla menyetla ea ho paka joang?
2 Mesebetsing ea Letsatsi le Letsatsi: Neng kapa neng ha Jesu a ne a kopana le batho ba bang, o ne a sebelisa monyetla oo hore a ba pakele. O ile a bua le Matheu ha a feta ofising ea lekhetho, a bua le Zakiase ha a le leetong a ba a bua le mosali e mong oa Mosamaria ha a ntse a phomotse. (Mat. 9:9; Luka 19:1-5; Joh. 4:6-10) Le rōna mesebetsing ea rōna ea letsatsi le letsatsi, re ka pakela mang kapa mang eo re buang le eena. Ho tšoara Bibele hammoho le lipampitšana kapa libukana, ho tla re susumelletsa ho lula re le malala-a-laotsoe ho bua le batho ka tšepo ea rōna.—1 Pet. 3:15.
3 Na ho lemala hoo u hlōlehang ho tsamaea ho u sitisa ho ea mosebetsing oa ntlo le ntlo? Itokisetse ho pakela basebeletsi ba bophelo ba tlil’o u hlola le batho ba bang bao u kopanang le bona. (Lik. 28:30, 31) Haeba hangata maemo a u qobella hore u lule lapeng, na u se u kile ua leka ho paka ka thelefono kapa ka lengolo? Morali e mong oabo rōna o atisa ho ngolla beng ka eena bao e seng Lipaki. O kenyelletsa mantsoe a khothatsang a Bibele le liphihlelo tseo a bileng le tsona ha a ntse a paka.
4 Mosebetsing Kapa Sekolong: Takatso ea rōna ea ho rorisa Jehova le eona e tla re susumelletsa ho batla menyetla ea ho jala peō ea ’nete mosebetsing kapa sekolong. Mohoeletsi e mong ea lilemo li robeli o ile a bolella bana ba sehlopheng se le seng le eena ntlha eo a e balileng ka khoeli makasineng ea Tsoha! Ka mor’a hore mosuoe oa hae a tsebe hore na boitsebiso boo o bo fumane hokae, o ile a qala ho amohela limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Ho beha kopi e ’ngoe ea lingoliloeng tsa rōna moo batho ba bang ba ka e bonang ha re le mosebetsing, ho ka ’na ha susumetsa ba bang hore ba botse lipotso ’me seo sa re fa monyetla oa ho paka.
5 Na ho na le menyetla ea ho paka eo u nahanang hore u ka e sebelisa mesebetsing ea hao ea letsatsi le letsatsi? Ka ho sebelisa monyetla oo re nang le oona, a re loaneleng hore letsatsi le letsatsi re “nyeheleng . . . ho Molimo sehlabelo sa thoriso.”—Baheb. 13:15.