Rorisa Jehova Letsatsi le Letsatsi
1 Molimo oa rōna, Jehova, ke ’Mōpi ea hlollang, ea lerato, Mohloli oa bophelo bohle le thabo. Ka lebaka la boholo ba hae, ka sebele o tšoaneloa ke thoriso e tsoang pōpong eohle ea hae. Ka bomong, re lakatsa ho bua joaloka mopesaleme: “Ke tla . . . ’ne ke bolele lithoko tsohle tsa hao. Molomo oa ka o tla bolela ho loka ha hao le poloko ea hao ka matsatsi ’ohle.” (Pes. 71:14, 15) Hore re etse sena, re tlameha ho batla litsela tsa ho rorisa Jehova letsatsi le leng le le leng le ho susumetseha ho bua hantle ka eena, ho loka ha hae le litokisetso tsa hae tsa poloko.
2 Bakreste ba pele ba behile mohlala o motle oa ho rorisa Jehova. Mabapi le ba 3 000 ba ileng ba kolobetsoa ka Pentekonta, ho Liketso 2:46, 47 rea bala: “Ba ne ba tiisetsa tempeleng ka matsatsi ’ohle, ba le pelo e le ’ngoe . . . ba boka Molimo, ’me ba khahlisa sechaba kaofela. ’Me Morena [Jehova] a ’na a eketsa kereke ka tsatsi le leng le le leng ka batho ba bolokehang.” Ba ne ba ithuta linnete tse hlollang ka Jehova le Messia oa hae. Thabo ea bona e ne e fetela ho ba bang, e ba khothaletsa ho mamela le ho ithuta esita le ho rorisa Jehova.
3 Menyetla e Leng Teng Letsatsi le Letsatsi: Kajeno ba bangata ba fumana hore ba ka rorisa Jehova letsatsi le letsatsi ka bopaki bo sa reroang. Ho lokisetsa esale pele ho ba thusa ho ba ba behang litholoana haholoanyane. Khaitseli ea ileng a etsa qeto e tiileng ea ho kopanela bopaking bo sa reroang o ile a hlokomela hore motho e mong o ne a pshatlile lifenstere tse peli tsa koloi ea hae a ba a kena ka hare ka likhoka. O ile a letsetsa ba lefapha le lokisang eaba o itokisetsa ho pakela monna ea neng a tla tla lokisa. Tokisetso ea hae e ile ea akarelletsa ho rapella tataiso ea Jehova. Ho bile joalo, ’me o ile a pakela molokisi eo ka nako e etsang hora ’me a mo tsamaisetsa buka ea Phela ka ho sa Feleng.
4 Khaitseli e mong kamehla o ne a kopana le moahisani ha ba il’o thapolla lintja tsa bona maoto. Ka lekhetlo le leng ba bile le puisano e tebileng ka mathata a bophelo, ’me seo se ile sa lebisa lipuisanong tse eketsehileng. Khabareng, ho ile ha qalisoa thuto ea Bibele. Ka ho thahasellisang, hamorao moahisani o ile a bolela hore a ka be a sa ka a mamela Lipaki tsa Jehova haeba li ne li ile tsa tla lapeng la hae kaha a ne a sa lumele ho Molimo kapa Bibeleng.
5 Ba bang ba nolofalloa ho pakela barekisi kapa ba bang ba tlang malapeng a bona. Khaitseli e mong oa Ireland o ile a eteloa ke motho ea rekisang inshorense ea bophelo. O ile a hlalosa hore o lebelletse ho thabela bophelo bo sa feleng. Ena e bile khopolo e ncha ka ho feletseng ho monna enoa ea neng a hōlisitsoe e le Moroma K’hatholike. O ile a amohela buka ea Phela ka ho sa Feleng, ’me a ba teng sebokeng bekeng e latelang, ’me a lumela ho ba le thuto ea Bibele. Hona joale morekisi enoa ke moena ea kolobelitsoeng.
6 Kaofela ha rōna re tlameha ho falimehela menyetla ea ho rorisa Jehova letsatsi le letsatsi. Ho molemo ho beha limakasine tse seng kae kapa lipampitšana moo li ka bonoang le ho nehoa baeti habonolo. Libakeng tse ling nakoana e seng kae e qetoang motho a lutse bencheng e serapeng sa boikhathollo e ka u neha menyetla e mengata ea ho pakela ba bang ba tlang ho roba monakeli. Bacha ba bang ba Lipaki sekolong ba beha sengoliloeng sa Bibele deskeng ea bona e le tsela ea ho qalisa moqoqo le motho e mong ea se hlokomelang ’me a botsa lipotso. Nahanela Lengolo le le leng kapa a mabeli ao u ka a sebelisang. Kōpa Jehova hore a u thuse. U tla hlohonolofatsoa ka ho etsa joalo.—1 Joh. 5:14.