Bontša Hore U Thahasella ba Bang—Ka ho Lokisetsa
1 Ho lokisetsa tšebeletso hantle ho re thusa ho bontša hore re thahasella batho ba bang. Hobane’ng re rialo? Ha re lokiselitse hantle, ha re amehe haholo ka hore na re tla re’ng ’me seo se re fa monyetla oa ho nahana haholoanyane ka batho bao re qoqang le bona. Ho feta moo, seo se etsa hore re se tšohe ebile se re thusa ho bua ho tsoa botebong ba pelo. Joale re ka lokisetsa nehelano e atlehang joang?
2 Sebelisa Nehelano e Loketseng: Khetha nehelano e loketseng maemo a sebaka sa heno linehelanong tse bueletsoeng kenyelletsong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea January 2005, ’me u nahane hore na u ka e beha joang ka mantsoe a hao. Etsa hore e lumellane le tšimo ea heno. Ka mohlala, haeba u tloaetse ho teana le batho ba bolumeli bo itseng kapa ba morabe o itseng, nahana ka molaetsa oo ba ka ’nang ba o thahasella. Ho feto-fetola molaetsa oa hao ho itšetlehile ka batho bao u qoqang le bona ho bontša hore ka sebele ua ba thahasella.—1 Bakor. 9:22.
3 Ha u qala ho sebelisa nehelano e itseng, lula u e ntlafatsa. Kaha mantsoe a qalang ke a bohlokoa haholo, lemoha hore na batho ba itšoara joang ha ba utloa kenyelletso ea hao. Na ba thahasella taba eo u buang ka eona? Na ba arabela lipotso tseo u ba botsang tsona? Haeba ho se joalo, e ntlafatse ho fihlela u khona ho beha molaetsa ka tsela e atlehang.
4 Lintho Tsa ho Ikhopotsa: Ba bangata ba fumana ho le thata ho hopola nehelano ha ba le monyako. Haeba ntho e tšoanang ea u etsahalla, na u kile ua leka mananeo a ho ikoetlisa ka ho bua ka lentsoe le phahameng le motho e mong? Sena se ka u thusa hore u tsebe mehopolo hantle ebe u e beha ka tsela e bonolo le e utloahalang. Se ka boela sa u thusa ho sebetsana le litsela tse fapa-fapaneng tseo batho ba arabelang ka tsona.
5 Ntho e ’ngoe e ka ’nang ea u hopotsa ke ho ngola lintlha-khōlō tsa nehelano ea hao sephephechaneng ebe u li habanya hanyane feela pele u fihla monyako. Ba bang ba fumane hore khopotso ena e khutšoanyane e ba thusa ho phutholoha haholoanyane le ho qoqa le batho ka tsela e molemo. Ka litsela tsena, ho lokisetsa hantle ho ka re thusa ho bontša hore re thahasella batho ba bang ha ba ha ntlafatsa molaetsa oa rōna oa litaba tse molemo.