Lumella Matla a Lentsoe la Molimo Hore a Susumetse Batho Tšimong
Haeba motho a re fa monyetla oa hore re buisane le eena ka litaba tse molemo, re leka ho sebelisa monyetla oo hamolemo ’me re lumella matla a Lentsoe la Molimo hore a mo susumetse ka ho mo balla mangolo Bibeleng. Sena se ile sa totobatsoa kopanong e khethehileng ea letsatsi selemong se fetileng. Molebeli oa potoloho o ile a fana ka puo e nang le sehlooho se reng, “Lumella Matla a Lentsoe la Molimo Hore a Susumetse Batho Tšimong.” Na u sa hopola lintlha tsa sehlooho?
Ke hobane’ng ha lentsoe la Jehova le le matla ho feta seo rōna re ka se buang?—2 Tim. 3:16, 17.
Ke hobane’ng ha Bibele e susumetsa maikutlo a rōna, monahano oa rōna, tsela eo re itšoarang ka eona le sepheo seo re etsang lintho ka sona?—Sheba Molula-Qhooa oa June 15, 2012, leq. 27, ser. 7.
Ha re balla motho lengolo le itseng tšimong, re ka etsa’ng hore re bue ka Lentsoe la Molimo ka tsela e tla mo susumelletsa hore a le hlomphe?—Sheba buka ea Sekolo sa Tšebeletso, leq. 148, lir. 3-4 le Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea March 2013 leq. 6, ser. 8.
Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re hlalose re be re behe mabaka ka mangolo ao re a balileng, hona re ka etsa seo joang?—Lik. 17:2, 3; sheba buka ea Sekolo sa Tšebeletso, leq. 154, ser. 4 ho ea ho leq. 156, ser. 5.