Tsela ea ho Qalisa Lithuto ka Buka ea Seo Bibele e se Rutang
Ba bangata ba rōna re ne re ka rata ho khanna lithuto tsa Bibele hafeela re ka khona ho qalisa thuto. Buka e ncha ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e ka re thusa. Selelekela se leqepheng la 3-7 se reretsoe ho u thusa hore u qoqe le mong’a ntlo ka Bibele u sebelisa buka ena. Esita le ba se nang phihlelo e kaalo tšebeletsong ba tla fumana ho le bonolo ho e sebelisa ha ba qalisa lithuto.
◼ U ka ’na ua leka mokhoa ona u sebelisa leqephe la 3:
Ka mor’a ho bua ka ntho e hlahileng litabeng kapa bothata boo batho tšimong ea heno ba amehileng ka bona, bontša mong’a ntlo lipotso tse ngotsoeng ka mongolo o motenya leqepheng la 3, ’me u mo kōpe hore a ntše maikutlo a hae ka tsona. Ebe u phetla leqepheng la 4-5.
◼ Kapa mohlomong u ka rata ho qala ka ho hatisa lintlha tse leqepheng la 4-5:
U ka ’na ua re, “Na e ne e ke ke ea e-ba ntho e khahlisang haeba liphetoho tse moo li ne li ka hla tsa etsahala?” Kapa mohlomong u ka botsa, “Litšepisong tsee tse moo, u ne u ka rata ho bona efe e phethahala?” Mamelisisa karabo ea hae.
Haeba mong’a ntlo a bonahala a thahasella lengolo le leng, mo bontše seo Bibele e se rutang tabeng eo ka ho hlahloba lirapa tse bukeng tse tšohlang temana eo. (Bona lebokose le leqepheng lena la kenyelletso.) Tšohla boitsebiso boo joalokaha u ne u tla etsa thutong ea Bibele. U ka etsa sena u eme monyako ka metsotso e mehlano ho ea ho e leshome leetong la pele.
◼ Mokhoa o mong ke oa ho kōpa motho eo hore a ntše maikutlo a hae u sebelisa leqephe la 6:
Bontša mong’a ntlo lipotso tse botlaaseng ba leqephe ebe ua mo botsa, “Na u kile ua ipotsa e ’ngoe ea lipotso tsee?” Haeba a bolela hore o khahluoe ke e ’ngoe ea lipotso tseo, e-ea lirapeng tsa buka tse arabang potso eo. (Bona lebokose le leqepheng lena la kenyelletso.) Ha le ntse le tšohla boitsebiso boo hammoho, u ntse u khanna thuto ea Bibele.
◼ Ho ka ’na ha sebelisoa leqephe la 7 ho bontša motho hore na thuto ea Bibele e khannoa joang:
Bala lipolelo tse tharo tse qalang leqepheng leo, ’me u phetle khaolo ea 3 ebe u mo bontša hore na thuto e khannoa joang u sebelisa serapa sa 1-3. Lokisetsa ho khutlela bakeng sa ho tšohla likarabo tsa lipotso tse serapeng sa 3.
◼ Tsela ea ho lokisetsa ho khutlela:
Ha u phetha thuto eo u e khannang ka lekhetlo la pele, lokisetsa ho ntšetsa moqoqo pele. U ka ’na ua re feela: “Ka metsotso e ’maloa, re ithutile ntlha ea bohlokoa eo Bibele e e rutang. Nakong e tlang, re ka tšohla [botsa potso eo le tla bua ka eona.] Na ebe nka fapohela bekeng e tlang ka eona nako ee?”
Ha re ntse re atamela nakong ea Jehova e behiloeng, o tsoela pele ho re hlomella bakeng sa mosebetsi oo re lokelang ho o etsa. (Mat. 28:19, 20; 2 Tim. 3:17) A re sebeliseng hamolemo kofuto ena e tsotehang e ncha bakeng sa ho qalisa lithuto tsa Bibele.
[Lebokose le leqepheng la 3]
Puisano ea Mangolo e Thehiloeng Leqepheng la 4-5
◻ Tšenolo 21:4 (maq. 27-8, lir. 1-3)
◻ Esaia 33:24; 35:5, 6 (leq. 36, ser. 22)
◻ Johanne 5:28, 29 (maq. 72-3, lir. 17-19)
◻ Pesaleme ea 72:16 (leq. 34, ser. 19)
Likarabo Tsa Lipotso Tse Leqepheng la 6
◻ Ke hobane’ng ha re utloa bohloko? (maq. 108-9, lir. 6-8)
◻ Re ka sebetsana joang le mathata a bophelo? (maq. 184-5, lir. 1-3)
◻ Re ka etsa’ng hore bophelo ba malapa a rōna e be bo thabileng haholoanyane? (leq. 142, ser. 20)
◻ Ho etsahala’ng ka rōna ha re e-shoa? (maq. 58-9, lir. 5-6)
◻ Na ho na le mohla re tla ke re boele re bone baratuoa ba rōna ba shoeleng? (maq. 72-3, lir. 17-19)
◻ Re ka kholiseha joang hore Molimo o tla phethahatsa litšepiso tsa hae tsa nakong e tlang? (leq. 24, ser. 17)