Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 9/10 leq. 3
  • Na U Tla Qala Thuto ea Bibele ka October?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Tla Qala Thuto ea Bibele ka October?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2010
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tsela ea ho Qalisa Lithuto ka Buka ea Seo Bibele e se Rutang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • E Sebelise ka Linako Tsohle
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2010
  • Phutuho e Khethehileng ea Pampitšana ka la 20 October–16 November!
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
  • Re na le Kofuto e Ncha ea ho Qalisa Lithuto!
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2010
km 9/10 leq. 3

Na U Tla Qala Thuto ea Bibele ka October?

1. Re tla tsamaisa lingoliloeng life ka October?

1 Ka October ho tsamaisoa limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Re khothalletsoa hore ha re khutlela ho ba thahasellang re ba fe pampitšana ea Na U ka Thabela ho Tseba ’Nete? ’me re leke ka matla ho qala thuto ea Bibele. Re ka e qala joang leetong la ho boela?

2. Re ka sebelisa pampitšana ea Tseba ’Nete joang ho qala thuto ea Bibele ha re khutlela ho motho eo re mo sietseng limakasine?

2 Kamoo re ka Sebelisang Pampitšana Kateng: Re ka ’na ra re: “Limakasine tseo ke u sietseng tsona li khothalletsa batho ba mefuta eohle le ba malumeli ’ohle hore ba ithute Bibele. [Neha mong’a ntlo pampitšana ea Tseba ’Nete ebe u mo bontša lipotso tse ka ntle.] Tsena ke tse ling tsa lipotso tsa bohlokoa ’me Bibele e li araba ka tsela e khotsofatsang. Na ho na le eo u kileng ua e ipotsa eona?” Ha mong’a ntlo a qeta ho araba, tšohla le eena karabo ea potso eo a e khethileng ebe u bala lengolo le leng ho a bontšitsoeng. Ka mor’a moo, mo hlalosetse hore u mo etselitse mohlala feela oa thuto ea Bibele ebe u mo fa buka ea Seo Bibele e se Rutang. Joale re ka tšohla lirapa tse qalang tsa khaolo eo a e khethang lethathamong la tse ka hare. Kapa re ka ’na ra khetha sehlooho se hlalosang haholoanyane taba eo re buisaneng ka eona pampitšaneng. E le hore re arabe lipotso tsena, re ka sebelisa maqephe a latelang:

● Na ruri Molimo oa re tsotella? (maq. 9-11, lir. 6-10)

● Na lintoa le mahlomola li tla ke li fele? (leq. 12, lir. 12-13)

● Ho etsahala’ng ka rōna ha re e-shoa? (maq. 59-60, lir. 7-8)

● Na ho na le tšepo leha e le efe ka bafu? (leq. 71, lir. 13-15)

● Nka rapela Molimo joang e le hore a ’mamele? (maq. 166-167, lir. 5-8)

● Nka fumana thabo joang bophelong? (leq. 9, lir. 4-5)

3. Ha re le tšimong re ka feto-fetola mokhoa oo re o sebelisang joang ho latela maemo?

3 Haeba ha re khutlela ho motho ka lekhetlo la pele maemo a sa re lumelle hore re sebelise buka ea Seo Bibele e se Rutang ho qala thuto kapa ho bontša hore na e khannoa joang, kamehla re ka etsa litokisetso tsa ho khutlela ho eena ’me re tsoele pele ka taba ea rōna. Haeba motho a thahasella haholo re ka etsa qeto ea ho khutlela ho eena ka makhetlo a ’maloa e le hore re tšohle lipotso tse eketsehileng pampitšaneng pele re mo fa buka. E se eka ka October re ka ikitlaelletsa ho sebelisa pampitšana ena ea bohlokoa le hore re qale lithuto tsa Bibele ’me re thuse batho ba thahasellang litaba tse molemo hore ba ‘tsebe ’nete.’—Joh. 8:31, 32.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela