Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/15 maq. 5-7
  • Likhopotso Tsa Kopano

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Likhopotso Tsa Kopano
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2015
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Bolokang Boitšoaro ba Lōna bo le Botle Har’a Lichaba”
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
  • Boitšoaro bo Tlotlisang Molimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
  • Matsatsi a Mararo a ho Khatholoha Moeeng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
  • Likopano Tsa Rōna Tsa Setereke li Fana ka Bopaki bo Matla
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2015
km 4/15 maq. 5-7

Likhopotso Tsa Kopano

  • Linako Tsa Lenaneo: Menyako kapa liheke tsa moo kopano e tla tšoareloa teng li tla buloa ka 7:00 hoseng. ’Mino oa selelekela o tla qala ka 9:00 hoseng matsatsing ’ohle a mararo. Ka nako eo, kaofela re lokela ho lula fatše e le hore lenaneo le ka qala ka tsela e hlomphehang. Ka Labohlano le Moqebelo lenaneo le tla fela ka 4:35 thapama ’me ka Sontaha le fele ka 3:25 thapama.

  • ‘Rokang Jehova ka Pina’: Mehleng ea boholo-holo, batho ba Molimo ba ne ba roka Jehova ka ho bina ’me le kajeno ’mino e ntse e le karolo ea bohlokoa ea borapeli ba ’nete. (Pes. 28:7) Pele lenaneo la kopano ea rōna ea lebatooa la hoseng kapa thapama le qala, ho bapaloa ’mino oa selelekela. ’Mino ona hase feela ’mino o khathollang empa o lokiselitsoe ho re thusa hore re ithute ka Jehova ’me re mo rapele. Kahoo, ha molula-setulo a re hlokomelisa hore ’mino o se o tla qala, eo ke nako ea hore re lule fatše ’me re ananele ’mino oo ka ho o mamela. Ha re etsa seo, re tla be re bontša hore re ananela boiteko ba sehlopha sa ’mino oa liletsa sa Watchtower. Habeli ka selemo, bara le barali babo bana rōna ba sebelisa lichelete tsa bona ho ea Patterson e New York e le hore ba ka hatisa ’mino o monate oo re ka o thabelang. Ka mor’a hore re mamele ’mino oa selelekela ka hloko, kaofela re lokela ho rorisa Jehova ha ho binoa lipina tsa ’Muso.

  • Libaka Tsa ho Paka Likoloi: Likopanong tsohle moo re tla beng re laola libaka tsa ho paka, likoloi li tla pakoa ntle ho tefo ho latela nako eo li fihlang ka eona. Kaha hangata libaka tsa ho paka likoloi lia haella, batho ba lokela ho leka ka hohle hore ba tsamaee ka koloi e le sehlopha.

  • Ho Behela Batho ba Bang Litulo: Ha sebaka sa kopano se buloa hoseng, re kōpa hore le se ke la mathela litulo tseo le li ratang joalokaha eka le tlhōlisanong. Ka kōpo, nahanela batho ba bang le haeba ho hlokahala hore u tele sebaka seo u neng u batla ho lula ho sona. Moea oa boitelo o bontša hore re Bakreste ba ’nete ’me o etsa hore batho ba re shebileng ba rorise Molimo. (Joh. 13:34, 35;1 Bakor. 13:5; 1 Pet. 2:12) U ka behela feela batho bao u tsamaeang le bona litulo kapa bao u lulang le bona lapeng, esita le bao hona joale u ba khannelang thuto ea Bibele. Ka kōpo u se ke ua beha letho litulong tseo u sa li behelang motho ea itseng. Haeba re sebelisana ’moho tabeng ena, seo se tla thusa batho ba bang ho hlokomela hore ba ka ’na ba lula litulong tseo. Batho ba hōlileng le ba kulang ba lokiselitsoe litulo tse khethehileng. Kaha ho lokiselitsoe litulo tse ’maloa, motho a le mong kapa ba babeli ba thusang motho ea hōlileng kapa ea kulang ke bona ba ka lulang le eena.

  • Moaparo o Hlomphehang: Moaparo oa rōna e lokela ho ba o hlomphehang le o loketseng ha re le likopanong, eseng o bontšang mekhoa e feteletseng e tloaelehileng lefatšeng. (1 Tim. 2:9) Ha re fihla kapa re tloha hoteleng, esita le nakong ea boikhathollo le ka mor’a mananeo, re lokela ho qoba ho apara ka tsela e bohlasoa kapa e bontšang ho se tsotelle. Kahoo, re ke ke ra soabela ho qhoaela libeche tsa rōna tsa kopano ebile re ke ke ra hlajoa ke lihlong ha re lokela ho paka ha monyetla o hlaha. Boitšoaro ba rōna bo botle le ponahalo ea rōna ha re le likopanong tse tlang, bo tla etsa hore batho ba lipelo li tšepahalang ba khahloe ke molaetsa oa Bibele o pholosang bophelo, hape bo tla thabisa Jehova.—Sof. 3:17.

  • Ho Bontša Mekhoa e Metle ha re Sebelisa Lisebelisoa Tsa Rōna Tsa Elektronike: Re bontša mekhoa e metle ka ho beha liselefouno tsa rōna kapa lisebelisoa leha e le life tsa rōna tsa elektronike boemong boo li ke keng tsa sitisa batho ha lenaneo le ntse le tsoela pele. Haeba re nka livideo, re sebelisa lik’hamera, li-tablet, kapa lisebelisoa tse kang tseo, re lokela ho nahanela batho ba bang ka hore re se ke ra ba sitisa kapa ra ba sira. Re boetse re bontša mekhoa e metle ka hore re se ke ra romela melaetsa ho sa hlokahale nakong ea lenaneo.

  • Lijo Tsa Motšehare: Ka kōpo itlele le lijo tsa motšehare ho e-na le hore u tlohe sebakeng sa kopano ho ea reka lijo nakong ea khefu ea motšehare. U ka ’na ua sebelisa cooler e nyenyane e ka fellang ka tlas’a setulo. Li-cooler tse khōlō haholo le lijana tsa khalase ha lia lumelloa sebakeng sa kopano.

  • Menehelo: Re ka bontša hore re ananela litokisetso tsa kopano ka ho tšehetsa mosebetsi oa lefatše lohle ka ho fana ka menehelo e tsoang pelong. Licheke tsohle li lokela ho ngoloa hore ho lefuoe “Christian Congregation of Jehovah’s Witnesses of South Africa.” Menehelo e ntšoang ka debit card kapa credit card le eona e ka ’na ea etsoa.

  • Meriana: Haeba u hloka meriana e fanoang ka lengolo la ngaka, re kōpa hore u tiise hore u tla le e lekaneng, kaha e ke ke ea fumaneha kopanong. Liserinje le linale tsa boloetse ba tsoekere li lokela ho lahloa ka tsela e loketseng joaloka litšila tse kotsi; li se ke tsa lahleloa ka moo ho lahleloang lithōle libakeng tsa kopano kapa lihoteleng.

  • Seo re ka se Etsang Hore re Sireletsehe: Ka kōpo lekang ka hohle ho qoba lintho tse kotsi tse ka ’nang tsa etsa hore le thelle kapa le khoptjoe. Selemo le selemo batho ba bangata ba tsoa kotsi ka lebaka la lieta, haholo-holo tse phahameng haholo. Ho molemo hore motho a roale lieta tse loketseng maemo, tse mo lekanang hantle tse tla mo lumella hore a tsamaee habonolo litepising, litšepeng kapa moo ho theosetsang.

  • Li-pram Tsa Bana: Li-pram tsa bana ha lia lokela ho kena sebakeng seo kopano e tšoaretsoeng ho sona. Leha ho le joalo, le ka tlela bana litulo tseo ba lulang ho tsona ka koloing tse ka behoang ka mokhoa o sireletsehileng setulong se haufi le batsoali.

  • Lintho Tse Nkhisang Hamonate: Likopano tse ling li tšoareloa libakeng tse koetsoeng moo moea o fehloang ka mechine. Ka lebaka leo, e ka ba mosa hore re se ke ra inyanyatsa haholo kapa re hle re qobe ho sebelisa lintho tsa ho inyanyatsa tse bohale tse ka ’nang tsa hlōla batho ba nang le bothata ba matšoafo kapa bo bong.—1 Bakor. 10:24.

  • Lireschorente: Tlotlisa lebitso la Jehova ka ho itšoara hantle ha u le lireschorenteng. Apara ka tsela e tšoanelang mosebeletsi oa Mokreste. Leboha basebetsi ka chelete e seng kae haeba ho tloaelehile ho etsa joalo.

  • Marobalo: Haeba u entse litokisetso tsa ho robala hoteleng kapa u patetse hore u robale sebakeng se itseng, ka kōpo hopola lintlha tsena tse latelang:

    1. U se ke ua kōpa likamore tse ngata ho feta tseo u tla li hloka, hape ho se ke ha e-ba le batho ba bangata ba lulang ka kamoreng ea hao ho feta kamoo ho lumeletsoeng kateng.

    2. U se ke ua hlakola kōpo ea hao ntle le haeba ho bile le lebaka la tšohanyetso ’me haeba seo se etsahala, tsebisa Lefapha la Kamohelo ea Baeti kapele e le hore batho ba bang ba hlokang marobalo ba ka sebelisa kamore eo. (Mat. 5:37)

    3. Ka kōpo hlokomela hore haeba u sebelisa debit card kapa credit card ha u ngolisa sebakeng sa marobalo, libaka tse ling tsa marobalo li tla laela hore banka e tšoare chelete e itseng ho koahela litšenyehelo tsa kamore ea hao le ea ho koahela litšenyehelo tsa lintho tse ka ’nang tsa robeha kapa tsa senyeha ha u ntse u lula moo. U ke ke ua sebelisa chelete eo ho fihlela banka e lefile sebaka sa marobalo matsatsing a seng makae ka mor’a hore u tsamaee.

    4. Leboha basebetsi ba hoteleng ka ho ba fa chelete e seng kae ha ba u thusa ka lithoto tsa hao ’me u siele motho ea hloekisang likamore chelete e seng kae ho mo leboha, haeba ho tloaelehile naheng ea lona ho etsa joalo.

    5. Phehela feela libakeng tseo u lumeletsoeng hore u phehele ho tsona.

    6. U se ke ua senya lijo, kofi kapa li-ice tseo u li fumanang mahala tse fuoang baeti ha ba ntse ba le sebakeng seo.

    7. Bontša litholoana tsa moea ka linako tsohle ha u sebelisana le basebetsi ba sebaka sa marobalo. Kaha ba sebelisana le batho ba bangata haholo, ba ananela e le kannete ha re ba bontša mosa, re sa ba felle pelo ebile re ba nahanela.

    8. Batsoali ba lokela ho beha bana ba bona leihlo ka linako tsohle ha ba le sebakeng sa marobalo, ho akarelletsa lilefting, letamong la ho sesa, liphasejeng, phaposing ea boikoetliso, joalo joalo.

    9. Haeba ho e-ba le mathata ka sebaka seo u robalang ho sona, tsebisa Lefapha la Kamohelo ea Baeti ha u le kopanong e le hore ba ka u thusa.

  • Tšebeletso ea Boithaopo: Mang kapa mang ea lakatsang ho ithaopa a ka itlaleha Lefapheng la Boithaopo kopanong. Bana ba nang le lilemo tse ka tlaase ho 16 ba ka etsa mosebetsi oa bohlokoa ha ba hlokometsoe ke motsoali kapa mohlokomeli oa bona kapa motho e mong e moholo ea lumeletsoeng ke motsoali kapa mohlokomeli.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela