Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/15 leq. 4
  • Memo e Tobileng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Memo e Tobileng
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2015
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Memo e Khethehileng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
  • Phutuho e Atlehang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
  • Letšolo la ho Aba Memo ea Kopano
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2016
  • Re Tla Aba Limemo Tsa Sehopotso ho Tloha ka la 2 April
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2015
km 4/15 leq. 4

Memo e Tobileng

1. Re tla qala neng ho memela batho kopanong?

1 Haeba u batla ho memela metsoalle kapa beng ka uena lijong tse monate, tseo u tla li reka ka chelete e ngata u be u qete nako e ngata u li pheha, ho hlakile hore u ne u tla ba mema ka cheseho. Ka ho tšoanang, barab’abo rōna ba sebelitse ka thata ho lokisetsa lijo tsa moea tseo re tla li feptjoa kopanong eo re eang ho eona. Jehova o re file tokelo ea hore libeke tse tharo pele ho kopano ea rōna re memele batho kopanong. Ke’ng e tla re susumelletsa hore re meme batho ka cheseho?

2. Ke’ng e tla re susumelletsa hore re kopanele ka botlalo phutuhong?

2 Haeba re nahanisisa kamoo lithuto tseo Jehova a re fang tsona likopanong li re ruisang molemo kateng, re tla kopanela ka botlalo phutuhong ena. (Esa. 65:13, 14) Re lokela ho hopola hore ha re sebeletse lefeela liphutuhong tsa selemo le selemo. (Sheba lebokose le nang le sehlooho se reng, “Ho na le Melemo e Mengata.”) Batho ba bang bao re ba memang ba tla tla kopanong ’me ba bang ba ke ke ba tla. Ho sa tsotellehe hore na ho tla batho ba bakae, ho kopanela ka cheseho phutuhong ho tla rorisa Jehova ’me ho bontše hore ke Molimo ea seatla se bulehileng.—Pes. 145:3, 7; Tšen. 22:17.

3. Limemo li tla tsamaisoa joang?

3 Sehlopha se seng le se seng sa baholo se tla etsa qeto ea hore na phutheho e ka koahela tšimo joang ka limemo, le hore na li ka siuoa menyako moo ho se nang batho kapa tsa fuoa batho bopaking ba phatlalatsa. Mafelo-beke limakasine li ka tsamaisoa le memo moo ho loketseng. Ha phutuho ena e fela, re tla thaba haholo hore ebe re ile ra kopanela ho eona ka cheseho le hore re ile ra mema batho ba bangata kamoo ho ka khonehang hore ba be teng moketeng oa lijo tsa moea oo Jehova a neng a re lokiselitse oona!

Seo U ka se Buang:

Ha u qeta ho lumelisa, u ka ’na ua re: “Re phutuhong e etsoang lefatšeng lohle ea ho memela batho ketsahalong ea bohlokoa. Memong ena u tla fumana letsatsi, nako le aterese.”

Ho na le Melemo e Mengata

  • Lilemong tse ’maloa tse fetileng ha morali’abo rōna e mong a ne a memela batho kopanong, o ne a ipotsa hore na batho bao a ba memmeng ba tla fela ba tle kopanong. Ha a le kopanong ka Moqebelo hoseng, o ile a bona mohlankana e mong oa Mosikhe ea neng a lutse haufi le eena eaba o itsebisa eena. Ho bonahala eka mohlankana eo o ne a tlile kopanong hobane a ne a fumane memo ea rōna. O ne a e-na le lipotso tse ’maloa tseo morali’abo rōna a ileng a li araba. O ile a bolela kamoo a neng a thabetse lenaneo kateng le kamoo a khahliloeng ke tsela eo batho ba tlileng kopanong ba shebahalang ka eona le boitšoaro ba bona. Letsatsing lona leo, morali’abo rōna o ile a qala moqoqo le banyalani ba neng ba lutse pel’a hae. Le bona ba ne ba fumane memo ’me ba nkile leeto ka bese ho tla kopanong. Ba ne ba natefetsoe ke kopano ’me ba rera ho tla hape ka Sontaha. Ka mor’a moo morali’abo rōna o ile a hlokomela bohlokoa ba phutuho ea selemo le selemo ea ho memela batho kopanong.

  • Kopanong ea lebatooa e sa tsoa feta, monna le mosali e mong ba bo-pula-maliboho ba kamehla ba ile ba itsebisa banyalani ba bang ba hōlileng. Banyalani bao ba ile ba bolela hore ba ne ba qala ho tla kopanong. Bo-pula-maliboho bao ba ile ba ba botsa hore na ba menngoe ke mang. Ba ile ba ba bolella hore ka letsatsi le leng ha ba fihla lapeng, ba ile ba fumana memo tlas’a monyako. Ba ile ba e bala ’me ba tlatsa setlankane se ka mor’a memo. Batho ba bang ba neng ba tlile kopanong ba ile ba ba fa lijo nakong ea khefu. Ba ile ba thabela lenaneo haholo hoo ba ileng ba etsa litokisetso tsa ho ba teng hape letsatsing le hlahlamang. Ho ile ha etsoa litokisetso tsa ho ba etela le ho ntšetsa thahasello ea bona pele.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela