Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
Molula-Qhooa May 1
“Haeba ho ne ho ka thoe u felise bothata bo le bong lefatšeng, u ne u tla felisa bofe? [Emela karabo.] Bibele e bontša hore haufinyane Molimo o tla felisa bothata boo le a mang a mangata. [Mo balle lengolo le amanang le seo le ntseng le bua ka sona le kang Daniele 2:44; Liproverbia 2:21, 22; Matheu 7:21-23; kapa 2 Petrose 3:7.] Molula-Qhooa ona o re bolella hore na Molimo o tla etsa liphetoho tsena tse thabisang neng le hore na o tla li etsa joang lefatšeng.”
Tsoha! May
“Na u nahana hore re tla ke re phele lefatšeng leo ho lona batho ba tlang ho thabela ho lula matlong a matle ba sa futsaneha? [Emela karabo.] Ka kōpo hlokomela hore na Molimo o tšepisa hore o tla etsetsa batho eng mabapi le sena. [Bala Esaia 65:21, 22.] Tsoha! ena e re bolella hore na Molimo o tla phethahatsa litšepiso tsa hae joang le hore na rōna re ka etsa’ng hore re tle re thabele ho phethahala ha tsona.”