Mekotla ea Lintho Tseo re Rutang ka Tsona
1. Baevangeli ba Bakreste ba tšoana le batho ba etsang mosebetsi oa matsoho joang?
1 Batho ba etsang mosebetsi oa matsoho ba sebelisa lithulusi tse sa tšoaneng. Le hoja lithulusi tse ling li sebelisoa ngope-se-tšoha ha ho etsoa mesebetsi e khethehileng, tse ling tsona li sebelisoa khafetsa. Basebetsi bao e leng khale ba li bona ba lula ba nkile lithulusi tseo tse sebelisoang khafetsa ha ba ea mosebetsing kaha ke tsona tseo ba tsebang ho li sebelisa hantle ho feta tsohle. Bibele e khothalletsa Mokreste e mong le e mong hore a ikitlaetse tšebeletsong ’me e be “mosebetsi eo ho seng letho leo a ka hlajoang ke lihlong ka lona.” (2 Tim. 2:15) Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ka mekotleng ea rōna ke efe? Ke Lentsoe la Molimo leo re le sebelisang ha re ‘etsa barutuoa.’ (Mat. 28:19, 20) Kahoo, re lokela ho ikitlaelletsa ho ‘tšoara lentsoe la ’nete ka nepo.’ Leha ho le joalo, ka mekotleng ea rōna ea tšimo ho na le lintho tse ling tseo re li sebelisang khafetsa tseo Bakreste bohle ba lokelang ho ithuta ho li sebelisa hantle e le hore ba rute batho ’nete.—Liprov. 22:29.
2. Lintho tse ka sehloohong tseo re rutang ka tsona ke life?
2 Lintho Tsa Bohlokoa Tseo re Rutang ka Tsona: Ntle ho Bibele, ke lintho life hape tseo re lokelang ho li sebelisa? Ntho e ka sehloohong eo re rutang linnete tsa Bibele ka eona ke buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? Ha re qetile buka ena le seithuti, re ithuta buka ea “Le Ipoloke Leratong la Molimo,” ho se thusa hore se phele ka melao-motheo ea Bibele letsatsi le letsatsi. Kahoo, re lokela ho ba le tsebo e ntle ea ho sebelisa libuka tsena tse peli. Ho na le libukana tse itseng tse lokelang ho ba teng ka mekotleng ea rōna ea tšimo. Bukana ea Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo! ke e ’ngoe ea lingoliloeng tse ka sehloohong tseo re li sebelisang ha re qalisa lithuto tsa Bibele. Haeba tšimong ea rōna ho e-na le batho ba sa tsebeng ho bala hantle kapa ba buang puo eo re nang le methoaela feela ea lingoliloeng tsa eona kapa re se na tsona ho hang, re ka sebelisa bukana ea Mamela Molimo ’me U Phele ka ho sa Feleng. Bukana ea Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno? ke ea bohlokoa bakeng sa ho thusa liithuti hore li tsebe mokhatlo oa Molimo. Livideo tse re thusang ha re etsa barutuoa, tse kang ea Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Ithuta Bibele?, Ho Etsahala’ng Holong ea ’Muso? le ea Does God Have a Name?, ke lintho tseo re lokelang ho ithuta ho li sebelisa hantle.
3. Nakong e tlang Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso e tla re thusa ho etsa’ng?
3 Nakong e tlang Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso e tla re thusa ho ntlafatsa bokhoni ba rōna ba ho sebelisa lingoliloeng tsena tsa rōna. Ha re ntse re ikitlaelletsa ho li sebelisa hantle, re tla be re mamela keletso ena e bululetsoeng: “Ikele hloko kamehla ’me u ele hloko le ho ruta ha hao. Lula linthong tsena, kaha ka ho etsa sena u tla ipholosa ’me u pholose le ba u mamelang.”—1 Tim. 4:16.