Re Lokela ho Lokisetsa e le Hore re Atlehe ho Ruta
Batho ba babeli ba ile ba botsa Jesu potso e tšoanang mabapi le ho fumana bophelo bo sa feleng, empa Jesu o ile a araba ho latela hore na ke mang ea neng a botsa. (Luka 10:25-28; 18:18-20) Kahoo, le hoja re tseba boitsebiso boo re il’o bo tšohla ha re khanna thuto ea Bibele, re lokela ho lokisetsa re nahanne ka seithuti. Ke lintlha life tseo a ka ’nang a thatafalloa ho li utloisisa? Ke mangolo afe a sa qotsoang ao re tla a bala le eena? Re tla tšohla boitsebiso bo bokae? Ho ka ’na ha hlokahala hore re lokisetse papiso, tlhaloso kapa lipotso tse tla mo thusa ho utloisisa seo a ithutang sona. Ho feta moo, kaha ke Jehova ea hōlisang peō ea ’nete pelong ea motho, re lokela ho rapela ha re lokisetsa, re be re rapelle le motho eo re ithutang le eena e le hore re mo thuse hore a be le kamano e haufi le Molimo.—1 Bakor. 3:6; Jak. 1:5.