Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb16 March leq. 1
  • Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2016
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • MOLULA-QHOOA
  • MOLULA-QHOOA (leqepheng le ka morao)
  • MEMO EA SEHOPOTSO
  • NGOLA SEO U TLA SE BUA
  • Mehlala ea Seo U ka se Buang
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2017
  • Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2015
  • Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2017
  • Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2016
Bala Tse Ling
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2016
mwb16 March leq. 1
Ba tšoere Sehopotso sa lefu la Kreste

Sehopotso sa lefu la Kreste Jeremane

Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho

MOLULA-QHOOA

Molula-Qhooa, No. 2 2016 | Ke Hobane’ng ha Jesu a Ile a Utloa Bohloko a ba a Shoa?

Potso: Na u kile ua utloa mantsoe aa?

Lengolo: Joh 3:16

Buella Sengoliloeng: Molula-Qhooa ona o bontša kamoo lefu la Jesu le ka re tsoelang molemo kateng.

MOLULA-QHOOA (leqepheng le ka morao)

Potso: Ela hloko potso ena le likarabo tse tloaelehileng. [Bala potso e qalang hammoho le likarabo tse sa tšoaneng tseo batho ba ka fanang ka tsona.] Uena u re’ng?

Lengolo: Mat 4:1-4

Buella Sengoliloeng: Kaha Diabolose o ile a bua le Jesu a ba a mo leka, e tlameha ebe Diabolose hase motho ea inahaneloang kapa bokhopo bo ka pelong ea motho. Bibele e re’ng ka eena? Sehlooho sena se hlalosa taba ena ka ho hlakileng.

MEMO EA SEHOPOTSO

Memo ea Sehopotso sa lefu la Kreste sa 2016

Buella Memo: Re u memela ketsahalong ea bohlokoa. [Mo fe memo.] Ka la 23 March, batho ba limilione lefatšeng ka bophara ba tla be ba ikhopotsa lefu la Jesu Kreste ’me ba tla mamela puo ea Bibele e bontšang hore na le re tsoela molemo joang. Memo ena e bontša hore na seboka seo se tla tšoareloa hokae hona neng. Nka thabela ha u ka tla.

NGOLA SEO U TLA SE BUA

Sebelisa mehlala ena ha u ngola seo u tla se bua le batho tšimong.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela