Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
MOLULA-QHOOA
Potso: Na ehlile mangeloi a teng?
Lengolo: Pes. 103:20
Buella Sengoliloeng: Molula-Qhooa ona oa hlalosa hore na Bibele e ruta’ng ka mangeloi le hore na a ka re thusa.
RUTA MOLAETSA OA BIBELE
Potso: Na u nahana hore Bibele e lumellana le lithuto tsa mahlale?
Lengolo: Esa. 40:22
Molaetsa oa Bibele: Litaba tsa lithuto tsa mahlale tseo Bibele e buang ka tsona li nepahetse.
HO MEMELA MOTHO LIBOKENG (inv)
Buella Sengoliloeng: Ke kopa ho u memela puong ea Bibele ea mahala. E tla be e fanoa Holong ea rona ea ’Muso, e leng sebaka sa rona sa borapeli. [Mo fe memo, mo bontše nako le sebaka moo liboka li tla ba teng ’me u mo bolelle sehlooho sa puo ea phatlalatsa.]
Potso: Na u se u kile oa ea Holong ea ’Muso? [Haeba ho khoneha, mo bontše video ea Ho Etsahala’ng Holong ea ’Muso?]
NGOLA SEO U TLA SE BUA
Ngola Kenyelletso ea Hao.