Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb17 April leq. 2
  • Ba Amohele ka Mofuthu

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba Amohele ka Mofuthu
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2017
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Etsang Hore ba Ikutloe ba Amohelehile Sehopotsong
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
  • Re Tla Fana ka Bopaki bo Matla
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
  • Ho Thusa Bohle ba Bontšitseng Thahasello
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Amohela Baeti ka Mofuthu
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2016
Bala Tse Ling
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2017
mwb17 April leq. 2

PHELA JOALO KA MOKRESTE

Ba Amohele ka Mofuthu

Re lokela ho amohela bo-mang ka mofuthu? Re lokela ho amohela motho e mong le e mong ea tlang libokeng tsa rona, ebang o qala ho tla kapa ha a qale. (Bar 15:7; Heb 13:2) Bana ba akarelletsa balumeli-’moho le rona ba tsoang linaheng tse ling ba etileng, kapa ba neng ba se ba khathetse ba tlileng libokeng ka mor’a nako e telele. U ne u ka ikutloa joang haeba u ne u le e mong oa bona? Na u ne u sa tl’o thabela ho amoheloa ka mofuthu? (Mat 7:12) Kahoo, re kopa hore u ikitlaelletse ho lumelisa batho bohle ba ka holong ha u fihla pele liboka li qala le ha li tsoa. Sena se tla etsa hore ho rene khotso ka phutheho, ’me ho boetse ho thabisa Jehova. (Mat 5:16) Ke ’nete hore ho ka ’na ha se khonehe hore u qoqe le motho e mong le e mong ea ka holong. Empa bohle ba tla ananela taba ea hore entse boiteko.a

Ha rea lokela ho amohela baeti ka mofuthu ha ba tlileng Sehopotsong feela, empa e lokela ho ba tloaelo ea rona. Ha batho ba qalang ho tla sebokeng ba bona kamoo re ratanang kateng, ba ka ’na ba thabela ho ba Lipaki Tsa Jehova.—Joh 13:35.

a Melao-motheo ea Bibele e re thibela ho lumelisa batho ba khaotsoeng le ba ikarotseng ka phuthehong ba tlileng sebokeng.—1Ko 5:11; 2Jo 10.

LITHLAHISO TSA KAMOO RE KA THUSANG BATHO BA QALANG HO TLA SEBOKENG KATENG

  • Ipolele hore na u mang ’me u mo kope hore le eena a ipolele

  • Mo kope hore a tl’o lula pel’a la hao

  • Balisana le eena ha ho baloa Bibele ’me u bine le eena

  • Iphe nako ea ho araba lipotso tsa hae ka mor’a seboka

  • Haeba a se na motho eo a ithutang Bibele le eena, ithaopele ho ithuta le eena

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela