Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb18 September leq. 5
  • Ha ho Letho le Ileng la Senngoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ha ho Letho le Ileng la Senngoa
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2018
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • E-ba Mosebetsi ea Hloahloa
    Bophelo le Tšebeletso ea Rōna—Kemiso ea Liboka—2020
  • Sebelisa Lingoliloeng Tsa Rōna Tse Thehiloeng Bibeleng ka Bohlale
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • Mosebetsi oa Kaho o Ntse o Tsoela Pele Joang Warwick?
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2016
  • Ho Nehelana ka Litaba Tse Molemo—Ka ho Sebelisa Likhatiso ka Bohlale
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
Bala Tse Ling
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2018
mwb18 September leq. 5
Ntlo-kholo e Warwick, New York

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Ha ho Letho le Ileng la Senngoa

Ka mor’a hore a fepe letšoele la banna ba 5 000 le basali le bana ka mohlolo, Jesu o ile a laela barutuoa ba hae a re: “Bokellang lingoathoana tse setseng, e le hore ho se ke ha e-ba le letho le senngoang.” (Joh 6:12) Jesu o ile a bontša hore o ananela lintho tseo Jehova a fanang ka tsona ka hore a li baballe.

Mehleng ena, Sehlopha se Busang se etsisa Jesu ka hore se sebelise lintho tseo ho entsoeng monehelo ka tsona ka tsela e bohlale. Ka mohlala, ha ho ne ho ahoa ntlo-kholo koana Warwick, New York, barab’abo rona ba ile ba etsa moralo oa mohaho oo ka tsela e bontšang hore ba baballa menehelo e fanoeng.

RE KA QOBA HO SENYA LINTHO JOANG . . . 

  • Mor’abo rona o tima mabone Holong ea ’Muso

    ha re le libokeng tsa Bokreste?

  • E mong oa Lipaki tsa Jehova o ngola Bibele ea hae lebitso la hae

    ha re nka lingoliloeng tseo re batlang ho li sebelisa? (km 5/09 3 ¶4)

  •  Mor’abo rona o nka lipampitšana tseo a li hlokang

    ha re nka lingoliloeng tseo re batlang ho li sebelisa tšebeletsong ea tšimo? (mwb17.02“E-ba Masene ha U Fana ka Sengoloa sa Bibele”¶1)

  • Morali’abo rona o leka ho bona hore na ’Mè eo a ntseng a bua le eena oa thahasella pele a mo fa sengoliloeng

    ha re le tšebeletsong ea tšimo? (mwb17.02 “E-ba Masene ha U Fana ka Sengoloa sa Bibele” ¶2 le lebokose)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela