MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
Hahamalla Koetliso e Fanoang Likolong Tsa Mokhatlo oa Jehova
HOBANE’NG HO LE BOHLOKOA?: Jehova Morupeli oa rona e Moholo, o re fa thuto ea boleng bo phahameng ka ho fetisisa. O re ruta kamoo re ka phelang ka tsela e ka re tsoelang molemo kateng, le ho re fa koetliso e tla re thusa ho phela lefatšeng le lecha. O re fa thuto le koetliso tsena mahala. (Esa 11:6-9; 30:20, 21; Tše 22:17) Thupelo ena eo Jehova a re fang eona e boetse e re hlomella hore re bolelle ba bang litaba tse molemo, e le hore ba tle ba fumane bophelo bo sa feleng.—2Ko 3:5.
KAMOO RE KA HO ETSANG KATENG:
Hlaolela makhabane a kang bonolo le boikokobetso.—Pes 25:8, 9
Amohela koetliso eo u khonang ho e fumana hona joale, e kang ho amohela likabelo tsa liithuti sebokeng sa har’a beke.
Nahana ka litsela tse ling tseo u ka sebeletsang Jehova haholoanyane ka tsona, u be u etse lintho ka tsela e tla u lumella ho finyella morero oa hao.—Fil 3:13
Sebeletsa hore u tšoanelehe ho fumana koetliso e eketsehileng.—Fil 3:8
SHEBELLANG VIDEO EA HO BA LE TUMELO E MATLA KA LEBAKA LA HO RUTOA KE JEHOVA. EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:
Bara le barali babo rona ba bang ba ile ba tlameha ho hlola mathata afe e le hore ba ka ea Sekolong sa Baevangeli ba ’Muso?
Sekolo sa Baevangeli ba ’Muso se fana ka koetliso efe?
Bara le barali babo rona ba ile ba tšehetsa ba tsoang sekolong see joang?
Ho hlokahala’ng bakeng sa ba batlang ho ea Sekolong sa Baevangeli ba ’Muso? (kr 189)
U ka boela oa fumana koetliso efe e ’ngoe ka mokhatlong oa Jehova?
U tla fumana melemo efe ka ho hahamalla thuto le koetliso likolong tsa mokhatlo oa Jehova?