PHELA JOALOKA MOKRESTE
Jehova o ne a Tla Ikutloa Joang?
Pele re etsa liqeto tse kholo kapa tse nyane, na re ee re ipotse hore na ‘Jehova o ne a tla ikutloa joang?’ Le hoja re ke ke ra tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Jehova a e nahanang, ka Lentsoeng la hae o re tsebisa ho hongata ho ka re hlomellang bakeng sa “mosebetsi o mong le o mong o molemo.” (2Ti 3:16, 17, Bar 11:33, 34) Jesu o ne a tseba thato ea Molimo hantle ’me o ile a etsa hore ebe ntho e tlang pele bophelong ba hae. (Joh 4:34) Re ka etsisa Jesu ka hore re etse sohle seo re ka se khonang ho etsa liqeto tse thabisang Jehova.—Joh 8:28, 29; Ef 5:15-17.
SHEBELLANG VIDEO EA LE TSOELE PELE HO LEMOHA THATO EA JEHOVA (LE 19:18), EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:
Ke hobane’ng ha re lokela ho sebelisa melao-motheo ea Bibele bophelong ba rona?
Re ka sebelisa melao-motheo efe ha re khetha ’mino oo re o mamelang?
Re ka sebelisa melao-motheo efe ha re khetha moaparo?
Ke hokae hape moo re ka sebelisang melao-motheo ea Bibele?
Re ka ntlafatsa mokhoa oa rona oa ho tseba thato ea Molimo joang?
Liqeto tseo ke li etsang li bontša hore ke na le kamano ea mofuta ofe le Jehova?