PHELA JOALOKA MOKRESTE
Na U ka Hlalosa Hore na U Lumela’ng?
Haeba motho e mong a ne a ka u botsa hore na ke hobane’ng ha u lumela hore lintho tsohle li bopiloe ke Molimo, u ne u ka re’ng? E le hore u tle u arabe ka phatla e phahameng, u lokela ho etsa lintho tsena tse peli: Ea pele, u lokela ho ikholisa hore ehlile Molimo ke eena ea bopileng lintho tsohle. (Bar 12:1, 2) Ea bobeli, u lokela ho nahana hore na u ka re’ng haeba motho e mong a u botsa hore na u lumela’ng.—Lipr 15:28.
SHEBELLANG VIDEO EA NGAKA EA MASAPO E HLALOSA TUMELO EA EONA LE EA SETSEBI SA BOPHELO BA LIPHOOFOLO SE HLALOSA TUMELO EA SONA, HO BONA A MANG A MABAKA A ETSANG HORE BATHO BA BANG BA LUMELE HORE LINTHO LI BOPILOE EBE LE ARABELA LIPOTSO TSE LATELANG:
Ke hobane’ng ha Irène Hof Laurenceau a lumela hore lintho li bopiloe ha lia iphetola?
Ke hobane’ng ha Yaroslav Dovhanych a lumela hore lintho li bopiloe ha lia iphetola?
U ka re’ng ho motho ha u mo hlalosetsa hore na ke hobane’ng ha u lumela hore lintho li bopiloe?
Ke lintho life tseo mokhatlo oa Jehova o re fang tsona tse teng ka puo ea heno tse ka u thusang hore u ikholise u be u kholise le ba bang hore Molimo o bopile lintho tsohle?