MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | EXODA 37-38
Mosebetsi oa Lialetare Tsa Tabernakele Borapeling ba ’Nete
Lialetare tsa tabernakele li ne li khethehile ebile li entsoe ka tsela eo Jehova a neng a laetse hore li etsoe ka eona.
Feela joalokaha ho chesoa ha libano tse neng li entsoe ka boqhetseke ho ne ho khahlisa Jehova, le lithapelo tsa bahlanka ba hae lia mo khahlisa
Jehova o ne a amohela mahlabelo e neng a etselitsoe aletareng ea secheso. Taba ea hore e ne e lula ka pel’a sehalalelo, e re hopotsa hore re lokela ho ba le tumelo sehlabelong sa thekollo sa Jesu Kreste molemong oa hore Molimo a re amohele.—Joh 3:16-18; Heb 10:5-10
Ke hobane’ng ha re lokela ho lokisa lithapelo tsa rona joaloka libano ka pel’a Jehova?—Pes 141:2