Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb23 May leq. 13
  • Na U Sebelisa Bibele e Rekotiloeng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Sebelisa Bibele e Rekotiloeng?
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2023
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Re ka Sebelisa Likhatiso Tse Mameloang Joang?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2015
  • Mananeo a Kopano ao re a Utloang le ho a Bona
    Kamoo Menehelo e Sebelisoang Kateng
  • Websaete ea Rōna e Molaong—E Sebelisetse ho Thusa Motho ea Buang Puo Esele
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
  • Na U Kile oa Ipotsa
    Tsoha!—2019
Bala Tse Ling
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2023
mwb23 May leq. 13
Litšoantšo: Ho mamela Bibele e rekotiloeng. 1. Mor’abo rona o mametse Bibele e rekotiloeng ka liheadphone a le ka ntle moo ho thotseng. 2. ’Mè le morali oa hae ba mametse Bibele e rekotiloeng sesebelisoeng sa elektronike ha ba ntse ba tsamaisana le eona Bibeleng ea bona. 3. Morali oa bo rona o mametse Bibele e rekotiloeng ka liheadset a le ka har’a sepalangoang sa baeti.

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

Na U Sebelisa Bibele e Rekotiloeng?

Bibele e rekotiloeng ke’ng? Bibele e rekotiloeng ke khatiso e mameloang ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha. E lokolloa hanyane ka hanyane ka lipuo tse ngata kamoo ho ka khonehang. Se etsang hore Bibele e rekotiloeng e be molemo ke hobane ho sebelisitsoe mantsoe a fapaneng bakeng sa batho ba hlahang ka Bibeleng. Babali ba bala ka boikutlo bo hlokahalang e le hore ba ka fetisa molaetsa oa Bibele ka tsela e nepahetseng.

Bibele e rekotiloeng e thusitse batho joang? Batho ba bangata ba mamelang Bibele e rekotiloeng kamehla ba rata kamoo e phelisang Lentsoe la Molimo kateng. Ba re ha ba utloa mantsoe a batho ba sa tšoaneng, seo se etsa hore ba iketsetse litšoantšo ka likelellong tsa bona tsa se neng se etsahala ’me se ba thusa hore ba utloisise se ngotsoeng ka hare ho Bibele. (Pr 4:5) Ba bang ba re ho mamela Bibele e rekotiloeng ho ba thoba maikutlo ha ba tšoenyehile.—Ps 94:19.

Ho utloa ha Lentsoe la Molimo le baloa ho ka ama tsela eo re phelang ka eona. (2Kr 34:19-21) Haeba Bibele e rekotiloeng e fumaneha e felletse kapa e sa fella ka puo eo u e utloisisang, na u ka etsa hore ho e mamela e be e ’ngoe ea lintho tseo u li etsang ha u ithuta Bibele u le mong?

SHEBELLANG VIDEO EA HO HATISOA HA BIBELE E REKOTILOENG—KAROLOANA EBE LE ARABA POTSO E LATELANG:

Ke eng e u khahlang ka tsela eo Bibele e rekotiloeng e hatisitsoeng ka eona?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela